Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Isaia 52:14 - BIBELE

14 Batho ba bangata ba ne ba mo makaletse, tshobotsi ya hae e ne senyehile ho feta ya bohle, sebopeho sa hae se sa tshwane le sa batho.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Jwalokaha batho ba bangata ba ne ba makala ha ba mmona, kamoo sefahleho sa hae se neng se senyehile kateng ho fetisa tsa bohle, le tshobotsi ya hae e neng e fifetse ho fetisa ya bara ba batho;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Isaia 52:14
21 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ke jwaloka metsi a tsholohang, masapo a ka a tswenehile; pelo ya ka e jwaloka tshotso, e qhibidiha ka sefubeng sa ka;


Dintja tse ngata di ntikile, sehlopha sa dinokwane se ntikanetse, tsena di ntlepotse maoto le matsoho.


Ke jwaloka mohlolo ho ba bangata, empa wena o setshabelo sa ka sa nnete.


Ke ile ka hlobola hore bashapi ba ntjhape mokokotlong, marama ka a retelletsa ho ba ntlhothang ditedu; ba ntshomang ba ntshwela ka mathe ha ke a ka ka ba patela fahleho sa ka.


Yaba ba mo tshwela ka mathe sefahlehong, ba mo otla ka ditebele, ba bang bona ba mo jabela,


Empa ha a a ka a mo araba leha e le polelong e le nngwe, hoo mmusisi a bileng a makala ka ho fetisisa.


Ha Jesu a qetile dipolelo tsena, matshwele a tsota thuto ya hae,


Ba makala haholo, ba botsana, ba re: “Ke mang ya ka pholohang?”


Ba ne ba le tseleng, ba nyolohela Jerusalema. Jesu o na tsamaya kapele ho bona, mme ba ne ba hloletswe; athe ha e le ba latetseng ba ne ba tshohile. Yaba o boela a nkela ba leshome le metso e mmedi kathoko, a qala ho ba bolella tse tla etsahala ka yena,


Hanghang ngwanana a ema, a tsamaya. O ne a le dilemo tse leshome le metso e mmedi. Kapelepele ba hlollwa ho qeta.


A kena ho bona ka sekepeng, mme moya wa teba; ba hlollwa ka ho fetisisa,


Ba hlollwa haholo, mme ba re: “Tsohle o di entse hantle; o etsa hore bo-tsebetutu ba utlwe, dimumu di bue!”


mme bohle ba mo mametseng ba ne ba hlollwa ke kelello ya hae le dikarabo tsa hae.


Ba ne ba mo kgurumetsa sefahleho, ba mmotsa, ba re: “Porofeta! Ke mang ya o otlileng?”


Bohle ba hlollwa, mme ba buisana, ba re: “Taelo ee ke e jwang, hore ebe o laela meya e ditshila ka borena le ka matla, mme e tswe?”


Yaba bohle ba a hlollwa, ba tlotlisa Modimo, ba tlala tshabo, ba re: “Kajeno re bone dimakatso.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ