Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Isaia 52:11 - BIBELE

11 Tsamayang! Tsamayang le tlohe mona! Le se ame letho le silafetseng! Tswang Babilona le itlhwekise, lona ba nkang dijana tsa Morena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Fallang, fallang, le tlohe mona; le se ke la ama ditshila, tswang hara bona! Itlhatsweng, lona ba jarang dipitsa tsa Jehova!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Isaia 52:11
37 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba o re ho bona: “Ke lona dihlooho tsa malapa a Balevi; ka hona itlhwekiseng, lona le bana babo lona, le tle le tsebe ho tlisa areka ya Morena Modimo wa Iseraele, sebakeng seo ke e lokiseditseng sona.


Arone le bara ba hae ba tla hatlella ka ho sona, ba hlatswetse le maoto a bona ka ho sona.


Itlhatsweng, le itlhwekise, tlosang ketso tsa lona tse kgopo mahlong a ka, le kgaotse ho etsa bokgopo.


Tswang Babilona, le balehe Bakalatiya! Phatlalatsang tsena ka mehoo ya thabo, le di phatlalatse ho ya pheletsong tsa lefatshe, le re: “Morena o lopolotse Jakobo, mohlanka wa hae.”


Ba tla tlisa bana babo lona bohle, ba ba tlise ba etswa ditjhabeng, ba ba tlise ho Morena e le nyehelo, ba ba tlise ba palame dipere, le kariki tsa ntwa le makoloi, ba ba tlise ba palame dimmeile le dikamele, ba ba tlise Jerusalema, thabeng ya ka e halalelang,” ho rialo Morena. “Ba tla ba tlisa sa bana ba Iseraele, ba tlisa nyehelo, ba e tlisa ka Tempeleng ya Morena, ba e tlisa e le ka janeng se hlwekileng.


“Iketsetseng matshwao a tsela, le itlhomele mekolokotwane, le hlokomele mmila oo le tsamayang ho wona. Kgutla, wena morwetsana, Iseraele, kgutlela metseng eo e leng ya heno.


“Tswang kahara Babilona le balehe, tlohang naheng ya Bakalatiya, le be jwaloka podi tse etellang mohlape pele.


“Lona tjhaba sa ka, tswang motseng oo, motho ka mong a ke a ipholose, a balehe kgalefo ya Morena, kgalefo e tlokomang.


“Bohle balehang naheng ya Babilona! Se timetsweng ka baka la bokgopo ba yona! Nako ena ke ya hore Morena a iphetetse, a putse Babilona ka mokgwa o phethehileng.


“ ‘Baprista ba tla ruta setjhaba sa ka phapano pakeng tsa ntho e halalelang le e sa halaleleng, mme ba etse hore ba kgetholle e sa hlwekang ho e hlwekileng.


Moshe a re ho Arone: “Sena ke seo Morena a neng a se bolela, ha a re: ‘Ke tla bonahatsa ho halalela ha ka ho ba leng haufinyane le nna, mme ke tla tlotliswa kapele ho setjhaba sohle.’ ” Arone a kgutsa.


Ke nna Morena ya le nyolotseng naheng ya Egepeta, hore ke be Modimo wa lona; ka baka leo, le tla halalela, hobane ke a halalela.


Le kgetholle tse sa hlwekang ho tse hlwekileng, le diphoofolo tse phelang, tse ka jewang le tse ke keng tsa jewa.’ ”


Ba tla halalela ho Modimo wa bona, mme ba se ke ba silafatsa lebitso la Modimo wa bona. Kahobane ke bona ba etsang nyehelo ya setjheso ya Morena, e leng dijo tsa Modimo, tseo ba nyehelang ka tsona, ba lokela ho halalela.


“Howeletsa, o nyakalle, wena Moradi wa Sione, hobane ke a tla, ke tlilo dula le wena,” ho rialo Morena.


“Mohla tsatsi leo baditjhaba ba bangata ba tla ikopanya le Morena, e be setjhaba sa hae. O tla dula le lona, mme le tla tseba hore Morena wa mabotho o nthomme ho lona.


Moshe a bua ho setjhaba, a re: “Ke a le rapela, tlohang ditenteng tsa banna bana ba kgopo, le se ke la ama letho leo e leng la bona, esere la timetswa ke sebe sa bona.”


“Mang kapa mang ya amang setopo sa motho ofe kapa ofe, o tla dula a le sesila ka matsatsi a supileng.


“Mang kapa mang ya amang setopo sa motho ya bolailweng ka sabole kwana naheng, kapa setopo sa ya itjhweletseng feela, kapa lesapo la motho ya shweleng, kapa lebitla, o tla ba sesila ka matsatsi a supileng.


“Ntsha Balevi kahara bana ba Iseraele, o ba hlwekise.


Empa Petrose a re: “Tjhe, le kgale, Morena! Ha ke eso ka ke eja letho le ilehang, le sa hlwekang.”


A re ho bona: “Ha ke re le tseba kamoo ho sa dumellehang kateng hore monna wa Mojuda a tlwaelane le moditjhaba, kapa a mo tjhakele? Empa nna Modimo o mpontshitse hore ha ho motho ya ilehang kapa ya sa hlwekang.


Ke le wa Morena Jesu, ke a tseba, mme ke kgodisehile hore ha ho ntho e ilehang ka boyona, empa ho ya reng ntho e a ileha, ke ho yena feela e ilehang.


Ka baka leo, tswang hara bona, le ikarohanye le bona, le se ke la ama letho le silafetseng, mme ke tla le amohela.


Le se ke la ikamahanya le mesebetsi e nyopang ya lefifi, le mpe le e nyatse.


Baratuwa, le le baeti le bajaki, ke le kgothaletsa hore le lahle ditakatso tsa botho, tse lwantshanang le moya.


Tloong le le majwe a phelang, a sebediswang ho haha tempele ya moya. Le be baprista ba halalelang, ba nyehellang Modimo ka mahlabelo a moya, a amohelehang ho yena ka Jesu Kreste;


Ka boela ka utlwa lentswe le leng le tswang lehodimong, le re: “Tswang Babilona, lona setjhaba sa ka, esere la ba le kabelo dibeng tsa yona, kapa la fumana karolo ya dikotlo tsa yona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ