Isaia 51:6 - BIBELE6 Lelatsang mahlo le tadime mahodimong, le be le tadime le tlase, lefatsheng; mahodimo a tla nyamela sa mosi ha o nyamela, lefatshe le tsofale jwaloka seaparo, baahi ba lona ba shwe jwaloka dintsintsi. Empa ho pholosa ha ka ke ha kamehla yohle, le ho loka ha ka ha ho ka ke ha fediswa. အခန်းကိုကြည့်ပါ။Sesotho 1909/1961 (SO)6 Emisetsang mahlo mahodimong, le a ise le tlase lefatsheng; hobane mahodimo a tla timela jwaloka mosi, lefatshe le tsofale jwaloka kobo; baahi ba lona ba tla fela jwaloka dintsintsi, empa poloko ya ka e tla nne e be teng kamehla le mehla, mme ho loka ha ka ho ke ke ha fela. အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
“Lemo tse mashome a supileng, a supileng hasupa, di baletswe tjhaba sa heno le motse o halalelang, hore ditshito tsohle di tle di fediswe, dibe le tsona le ke le di fedise, ho etswe poelano bakeng sa ho etsa bokgopo, ho loka ha kamehla ho tle ho be teng, ho phethahatswe dipono, le bona boporofeta, Ya Halalelang haholo le yena a tlotswe.