Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Isaia 51:22 - BIBELE

22 Morena, Morena wa hao, Modimo wa hao, yena ya buellang tjhaba sa hae, o bua tjena: “Bona! Ke phamotse letsohong la hao senwelo se neng se o tsekedisa; senwelo seo sa kgalefo ya ka o ke ke wa hlola o nwela ho sona hape.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

22 Ho itswe ke Jehova, Morena wa hao le Modimo wa hao, ya pheteletsang tjhaba sa hae: Bona, ke tlosa mohope o tahisang letsohong la hao, mohope wa kgalefo ya ka; jwale, ha o sa tla hlola o nwela ho wona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Isaia 51:22
22 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Pesalema ya Davida. Morena, ako lwantshe ba ntwantshang, o futuhele ba mphutuhelang.


Modimo, o re lahlile, o re ripitlile; o ne o halefile, empa jwale ako kgutle, o kgutlele ho rona.


hobane Morena o tla emela nyewe ya bona; ba ba jeleng le bona Morena o tla ba fedisa.


Tsherehanang le thotofale! Iphoufatseng le sitwe ho bona! Tahwang empa le sa nwa veine! Ratseelang empa le sa nwa jwala!


Batjha ba hatella tjhaba sa ka, basadi ke bona babusi ba sona; tjhaba sa ka, badisa ba lona ba a le kgelosa, ba le faposa tseleng ya lona.


Morena o a ema, o bolela qoso ya hae, o a ema, o ahlola ditjhaba.


Empa Morena o bua tjena: “E, bahale ba tla amohuwa bathopuwa ba bona, le ba sehloho ba amohuwe kgapo ya bona, Ba lwantshanang le wena ke tla ba lwantsha, bana ba hao ke ba lopolle.


Tsoha! Tsoha! Ema wena Jerusalema, wena ya nweleng senwelo sa kgalefo, sa kgalefo ya Morena se le atleng sa hae, wena ya minyeletsang maritsa, maritsa a jwala bo tsekedisang batho.


“Morena o hlapantse ka tsoho le letona la hae, a hlapanya ka matla a tsoho la hae, a re: ‘Ruri ha nka ke ka hlola ke fana ka mabele a hao, ke a nea dira tsa hao hore e be dijo tsa tsona; baditjhaba ha ba ka ke ba hlola, ba enwa veine ya hao, veine eo o e sebeleditseng ka thata.


“Morena Modimo wa Iseraele, o bua tjena ho nna, o re: ‘Nka senwelo sena sa veine ya kgalefo se ka letsohong la ka, mme o etse hore ditjhaba tsohle tseo ke o romang ho tsona di se nwe.


Empa Mopholosi wa sona o matla, Morena wa mabotho ke lona lebitso la hae, se tla buellwa ke yena nyeweng ya sona. Lefatshe le tla tseba ho fumana phomolo, baahi ba Babilona bona ba hloke kgotso.


Ka baka leo, Morena o bua tjena: “Bona, ke tla o buella ke be ke o phetetse, mehlodi ya metsi a Babilona ke tla e pshesa, didiba tsa yona di kgaotse ho kopotsa.


O ntlopile tse babang sa leshokgwa, a ba a ntlopa le lona lengana.


Ha ke ne ke qoswa o ila nkemela, Morena, yaba bophelo ba ka o a bo pholosa.


Nke ke ka hlola ke ba patela sefahleho sa ka, hobane ke theoletse Moya wa ka hodima ba ntlo ya Iseraele, ho rialo Morena Modimo.”


Ke tla phutha ditjhaba tsohle, ke di theolele ka Kgohlong ya Jehoshafate, ke di ahlolele hona kateng, ka baka la setjhaba sa ka, setjhaba sa ka sa Iseraele, hobane di ile tsa se qhalanyetsa hara baditjhaba, tsa arola naha ya ka dikotokoto.


Seo lona tjhaba sa ka le se nweleng, la se nwella thabeng ya ka, thaba e halalelang, ditjhaba tsohle di tla se nwa ho-ya-ho-ile; di tla se nwa, di be di minyeletse, di be jwaloka hola di eso be teng.


Ke sitetswe Morena, ke entse sebe, kahoo kgalefo ya Morena ke tla e mamella, ke e mamelle ho fihlela a ntwanela, a ntwanela, a nnea tokelo ya ka. Morena o tla nkisa, a nkise kganyeng ya hae, teng ke bone ho loka ha hae.


“Ke tla etsa hore Jerusalema e be senwelo sa veine, se etsang hore ditjhaba tsohle tse e potapotileng, di thekesele. Juda e tla etsetswa thibella, esita le yona Jerusalema.


Jesu a araba, a re: “Ha le tsebe seo le se kopang. Na le ka nwa senwelo seo ke leng lekgatheng la ho se nwa?” Ba re ho yena: “Re ka se nwa.”


Ha Davida a utlwa hore Nabale o shwele, a re: “A ho bokwe Morena, ya pheteditseng tlhapa eo Nabale a ntlhapaotseng ka yona, ya ileng a thibela mohlanka wa hae hore a se ke a etsa bobe, ya entseng le hore Nabale a jewe ke bokgopo ba hae.” Yaba Davida o bua le Abikaele ka tsa ho mo nyala.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ