Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Isaia 50:5 - BIBELE

5 Morena Modimo o nthibolotse ditsebe, ha ke a ka ka hanyetsa, kapa ka tjhetjha ka santhao.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Morena Jehova o nthibolotse ditsebe, mme ha ke a ka ka hana, leha e le ho sutha kasanthao.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Isaia 50:5
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Tsoho la hao le ke le be hodima mokgethwa wa hao, mora eo o ikgodiseditseng yena.


Mahlo a difofu a tla tutubollwa, ditsebe tsa bo-tutu di thibollwe;


Ha wa ka di utlwa le ho di utlwisisa; tsebe tsa hao haesale di thibane ho tloha kgale. Ke tseba hantle kamoo o leng maqiti kateng, o bitsitswe lehlabaphiyo ho tloha mohla o tswalwang.


A ya pejana, a itihela fatshe ka sefahleho, a rapela, a re: “Ntate, haeba ho ka etsahala, senwelo sena a se ke se mphete, empa ho be kamoo ho ratang wena kateng, e seng nna.”


empa lefatshe le tshwanetse ho tseba hore ke rata Ntate, mme ke etsa jwalokaha Ntate a ntaetse. Emang, a re tloheng mona.”


Ha le boloka ditaelo tsa ka, le tla dula leratong la ka, jwalokaha ke bolokile ditaelo tsa Ntate, mme ke dula leratong la hae.


Ya nthomileng o na le nna; ha a ya ntlohela ke nnotshi, hobane ke etsa tse mo kgahlisang kamehla.”


“Ke ka hona, kgosi Ageripa, ke sa kang ka hana ho mamela pono eo ya lehodimo.


“Morena o ne a re ho nna: ‘Ba buile hantle.


O ile a inyenyefatsa, ya eba ya mamelang ho isa lefung, le hona lefu la sefapano.


Empa leha e ne e le Mora wa Modimo jwalo, ka mahloko a hae o ile a ithuta ho mamela.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ