Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Isaia 5:25 - BIBELE

25 Ka baka leo, kgalefo ya Morena e tlokomela tjhaba sa hae, o phahamisitse tsoho la hae, o a ba otla, thaba di a reketla, topo tsa bona eka matlakala hara seterata. Leha ho le jwalo, kgalefo ya hae ha e kgaotse, tsoho la hae o ntsa le phahamisitse.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

25 Ka baka leo, kgalefo ya Jehova e tuketse setjhaba sa hae, mme o otlolletse letsoho la hae hodima sona, o se otlile; dithaba di a sisinyeha; ditopo tsa bona di ba jwaloka dithole tsa mmila. Leha ho le jwalo, ha a kgutla kgalefong ya hae, empa letsoho la hae le sa ntse le otlolohile.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Isaia 5:25
60 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

E mong le e mong wa ba lelapa la Jeroboame ya shwelang motseng, o tla jewa ke dintja, mme e mong le e mong ya shwelang naheng, o tla jewa ke dinonyana tse fofang,’ hobane ho buile Morena.


E mong le e mong wa lelapa la Basha ya shwelang motseng, o tla jewa ke dintja, mme ya shwelang naheng o tla jewa ke dinonyana tse fofang.”


Mang kapa mang wa lelapa la Akabe ya shwelang motseng, o tla jewa ke dintja, mme ya shwelang naheng o tla jewa ke dinonyana tse fofang.”


Bohale ba Morena ba tlokomela Baiseraele, mme ka nako e telele a neelana ka bona matsohong a Hasaele, kgosi ya Arame, le matsohong a Bene-Hadade, mora wa Hasaele.


Mosohlo wa hae o tla tlalatlala hara tshimo ya Jesereele, jwaloka kgapane hara naha, hoo batho ba sa tlo hlola ba tseba le ho re: Enwa ke Jesabele!’ ”


Empa ba soma maqosa ao a Modimo, ba nyedisa dipolelo tsa hae, ba bapala ka baporofeta ba hae, ho fihlela kgalefo ya Morena e ba tlokomela hoo ho neng ho se ho se pheko.


Modimo ha a halefile eba o halefile, mahlahana a Rahaba a tjapaletse maotong a hae.


Morena a halefela setjhaba sa hae, a nyonya bao e leng lefa la hae.


Wena lefatshe, thothomela, thothomela pela fahleho sa Morena, pela sefahleho sa Modimo wa Jakobo;


Makaqabetsing a ka ka ipiletsa ho Morena, ka llela Modimo wa ka hore a nthuse; a utlwa lentswe la ka a le ka tempeleng ya hae, sello sa ka sa fihla tsebeng tsa hae.


Modimo, mohla o neng o haola hara lehwatata, o eteletse tjhaba sa hao pele,


Maru a nesa pula, mahodimo a thwathwaretsa, mahadima a hao a tsekema kahohle.


Empa yena, ka ho ba utlwela bohloko, a ba tshwarela molato wa bona, a se ke a ba timetsa; ka makgetlo a kokobetsa kgalefo ya hae, bohale ba hae ba se ke ba tlokoma.


Ako ba etse jwaloka ba Midiane, o ba etse jwaloka Sisera, le Jabine nokaneng ya Kishone,


Yaba Morena o re ho Moshe: “Ere ho Arone: ‘Nka molamu wa hao, o otlolle letsoho la hao hodima metsi a Egepeta, le hodima dinoka tsa bona, le hodima dinokana tsa bona; le hodima matsha a bona, le hodima metsi a bona wohle a bokellaneng, hore a tle a fetohe madi.’ Ho tla ba le madi naheng yohle ya Egepeta, esita le meruleng le meritshwaneng.”


Ruri le tla borabora hara batshwaruwa, kapa le wele hara babolauwa; leha ho le jwalo kgalefo ya hae ha e a kokobela, tsoho la hae o ntsa le phahamisitse.


Ke tla mo romela tjhabeng sa baetsadibe, ke mo romele tjhabeng se nkgalefisang; ke tla mo laela hore a hape kgapo, ke mo laele hore a lobele lebobelo, le ho ba hatakela sa seretse sa diterata.


empa wena o lahletswe kantle ho lebitla la hao, wa lahlelwa kantle sa lekala le nyatseha, topo tsa babolauwa di entse setha hodima hao, bona ba ileng ba bolawa ka sabole, bona ba ileng ba theolelwa mohohlong o majwe, ba theolelwa jwaloka setopo se hataketswe ka maoto.


Morena o otlolotse tsoho la hae, a le otlolla hodima lewatle, a etsa hore mebuso e thothomele. Malebana le Kanana Morena o entse taelo, hore qhobosheane tsa yona di ripitlwe.


Leha ba ka phakalatsa matsoho a bona hodima moraha, ba a phakalatsa sa sehlapi se sesa, Morena o tla fedisa boikgantsho ba bona, le hoja matsoho a bona a le bohlale.


Ke tla o dihela koduwa hodimo, o be bofifing, o lle sa mmokotsane, o ke aletare e tukang mollo.


Kahoo o hlatsitse kgalefo ya hae, a e hlatsetsa hodima bona, a hlatsa le bohale ba ntwa, a bo hlatsetsa hodima bona. Kgalefo ya ba aparela ka malakabe, empa ba se ke ba utlwisisa letho, ya ba tlabola, empa ba se ke ba e natsa.


Baahi ba hao ba akgehile, ba rapaletse dihukung, hukung tsa diterata tsohle, ba jwaloka kgama e tshwasitswe lerabeng. Ba pipitletswe ke kgalefo ya Morena, le yona kgalemo ya modimo wa hao.


Ha o ne o etsa tse tshosang, tseo re neng re sa di lebella, o ile wa theoha, thaba tsa reketla ha di o bona.


Bonang, Morena o tla a le hara mollo, kariki tsa hae tsa ntwa di ka setsokotsane, kgalefo ya hae e tlokomang o e dihela ka mabifi, malakabe a mollo ke yona kgalemo ya hae.


Ba tla tsamaya, ba yo bona ditopo, topo tsa ba ileng ba ntshitelwa; boko tse ba jang ha di ka ke tsa eshwa, mollo o ba tjhesang ha o ka ke wa tima, mme batho bohle ba tla ba nyonya.”


Morena o matlafaditse dira tsa Resine ho mo lwantsha, a di hlohleletsa hore di mo tsohele matla.


Baetapele ba tjhaba sena ba a se kgelosa, ebe ba tsamaiswang bona ba a timela.


Kahoo Morena ha a sa tla thabela batjha ba bona, dikgutsana le bahlolohadi ha a sa ba utlwela bohloko, hobane bohle ba kgopo, ke baetsadibe. Molomo wa e mong le e mong o a nyefola, leha ho le jwalo kgalefo ya hae ha e a kokobela, tsoho la hae o ntsa le phahamisitse.


Ba ja tse ka tsohong le letona, empa ha ba ke be ba kgore, ba je tse ka ho le letshehadi, le teng ba se ke be ba kgotsofale, motho ka mong a je nama ya tsoho la hae.


Ba morabe wa Manase ba tla ja ba wa Efraime, ba Efraime ba je ba morabe wa Manase, bobedi ba merabe ena bo je morabe wa Juda; leha ho le jwalo kgalefo ya hae ha e a kokobela, tsoho la hae o ntsa le phahamisitse.


“Ke ba kgethetse mekgwa e mene ya ho ba timetsa,” ho rialo Morena. “Sabole e tla ba bolaya, dintja di tla ba harola, dinonyana tsa lehodimo le dibatana tsa naha di tla ba ja, di ba fedise.


‘Ba tla bolawa ke lefu le tshabehang. Ba ke ke ba llelwa kapa ba epelwa ke motho, empa ba tla tshwana le kgapane hara naha. Ba tla bolawa ka sabole, ba bolawe ke sekoboto, mme ditopo tsa bona e be dijo tsa matlaka, le dijo tsa dibatana tsa naha.’ ”


Ka baka la phoso tsa lona le tla lahlehelwa, le lahlehelwe ke lefa ke le file lona. Ke tla le etsa makgoba a dira tsa lona, ke le etse makgoba naheng eo le sa e tsebeng, hobane le entse hore kgalefo ya ka e tuke, e laime malakabe kamehla yohle.”


Ka tadima dithaba, ka bona di thothomela, maralla wohle le wona a sisinyeha.


Apara tse mahwashe, o lle sa mmokotsane, kgalefo e tlokomang ya Morena ha e a re tlohela.


Matlo a bona a tla abelwa basele, ho ajwe masimo, le basadi ba bona ka ho tshwana, ha ke otlollela tsoho la ka ho baahi ba naha ena,” ho rialo Morena.


A tla beelwa letsatsi le kgwedi le dinaledi tsohle tsa lehodimo, e leng tseo beng ba masapo ana ba neng ba di rata, ba di sebeletsa, tseo ba neng ba di sala morao, ba kopa thuso ho tsona, ba di kgumamela. Ha a ka ke a bokellwa kapa a epelwa hape; a tla tshwana le kgapane e tletsatletseng hara naha.


“Bolelang hore Morena o bua tjena: Topo tsa banna di tla rapalla fatshe, di ke kgapane e qhalane hara masimo, di ke ditlhaka ha di helwa ke mokotudi, di rapalle ho se ya ka di phuthang!”


Kapa ebe o so re lahletse ruri? Kgalefo ya hao ha e sa na moedi?


“Ka baka leo, Morena Modimo o bua tjena: Fate sa morara hara difate tsa moru, mosebetsi wa sona ke ho besa mollo; le baahi ba Jerusalema ba tla ba jwalo!


Matsoho a kgosi ya Babilona wona ke tla a matlafatsa, empa a Faro wona a tla lepella feela. Etlare ha ke tshwarisa kgosi ya Babilona sabole ya ka, mme kgosi eo e e otlollela hodima naha yohle ya Egepeta, Baegepeta ba tsebe hore ke nna Morena.


Ke tla otlolla letsoho la ka hodima bona, naha ke e fetole nanaola ho tloha lehwatateng le ka Borwa ho ya Ribela, hohle moo ba phelang teng. Ba tla tseba hore ke nna Morena.”


Oho, Morena, ka ho ya ka ho loka hohle ha hao, ke a o rapela: Bohale ba hao le kgalefo ya hao a di ke di faposwe motse wa hao wa Jerusalema, thaba ya hao e halalelang. Ka baka la dibe tsa rona le makgopo a bo-ntata rona, Jerusalema mmoho le setjhaba sa hao, e fetohile sesomo ho bohle ba re potapotileng.


Jwale Morena o re: “Bokwenehi ba bona ke tla bo fedisa, ke ba rate ka rato lohle la pelo ya ka, hobane kgalefo ya ka e ba fapohile.


“Na naha yohle ha e na ho thothomela, le bohle ba ahileng ho yona ba bokolle? Naha yohle e tla kokomoha, e kokomohe jwaloka Nile, e be e nne e hlokolehe, e nto bohlela jwaloka noka ya Egepeta.


Dithaba di tla qhibidiha tlasa maoto a hae, fatshe le peperane, ho hlahe dikgohlo; dithaba di qhibidihe sa tshotso e utlwa mollo, di phorosele sa metsi a theoha mothipoloheng.


Ha a hlaha dithaba di a sisinyeha, maralla le wona a qhibidihe; lefatshe le a reketla ha Morena a hlaha, lefatshe le bohle ba ahileng ho lona.


Dithaba tsa o bona, yaba di a reketla, diphororo tsa metsi tsa phorosela, bodiba ba metsi le bona ba hwasa, yaba maqhubu bo a akgoletsa hodimo.


Ke tla bakela batho mahlomola, tsela ba e phopholetse sa difofu, hoba ba entse sebe, ba sitetswe Morena. Madi a bona a tla tsholoha sa lehlabathe, mala a bona a petletsehe sa bolokwe.


Mohlang hoo ho etsahalang, ke tla se halefela haholo, ke se furalle, ke se patele sefahleho sa ka. Se tla timela, se hlahelwe ke bomadimabe bo tshabebang le ditsietsi tse ngata. Mohlang oo se tla re: ‘Na hase hobane Modimo wa rona a le siyo kahara rona, ha e le moo re hlahelwa ke bomadimabe boo?’


Empa ruri ke tla pata sefahleho sa ka mohlang oo, ka baka la bokgopo bohle boo se bo entseng, hobane se latetse medimo e meng.”


Ba ntse ba re sitisa ho bua ho baditjhaba hore baditjhaba ba tle ba pholoswe. Sena ke sebe sa ho qetela sa tseo ba nnileng ba di etsa, mme jwale kgalefo ya Modimo e qeteletse e ba kgaoleditse.


Jwale ka bona terone e kgolo, e tshweu, le ya dutseng hodima yona. Lefatshe le lehodimo tsa baleha pela sefahleho sa hae, tsa nyamella ruri.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ