Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Isaia 5:15 - BIBELE

15 Bohle ba tla nyenyefatswa, ba kokobetswe, baikakasi le bona ba kokobetswe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Bao e leng batho feela ba tla kokobetswa, ba baholo ba nyenyefatswe, mahlo a baikgantshi a kobotetswe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Isaia 5:15
24 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ke wena ya pholosang setjhaba se hlophehileng, empa o kokobetsa baikgohomosi.


Pesalema ya Davida. Sefela sa ho nyolohela Jerusalema. Morena, pelo ya ka ha e ikakase, mahlo a ka ha a ikgohomose; ha ke tsotelle dintho tse mphetang, leha e le tse makatsang, tse mphahametseng.


Mo tshepeng ka dinako tsohle, mo tshepeng lona tjhaba sa heso, mmuleleng difuba tsa lona. Modimo ke setshabelo sa rona.


Feela o sa ntsane o ikgantshetsa setjhaba sa ka, o hana ho se lokolla.


Moloko o teng o ikgohomosang, o shebang batho ka ho ba nyedisa.


Etlare ha Morena a qetile mosebetsi wohle wa hae Thabeng ya Sione le Jerusalema, a otle kgosi ya Asiria ka baka la boikgohomoso ba pelo ya yona, le ka baka la ho inkela hodimo ha yona,


Bonang Morena, Morena wa mabotho, o tla roba makala ao ka matla a hae a maholo, makala a malelele a tla rengwa, a phahameng wona a tla kgethulwa.


Lefatshe ke tla le otla, ke le otlele bokgopo ba lona, ba kgopo le bona ke ba otle, ke ba otlele dibe tsa bona, boikakaso ba ba itjang ke bo fedise, boikgohomoso ba bompodi ke bo kokobetse.


Moikakasi o tla kokobetswa, baikgohomosi bona ba nyenyefatswe, mohlang oo ke Morena feela, ya tla phahamela tsohle.


Tsatsi le teng le beilweng ke Morena wa mabotho, le beetsweng baikgantshi le baikgohomosi, le bohle ba ikakasang, hore a tla ba kokobetse;


Boikgantsho ba motho bo tla kokobetswa, boikgohomoso ba hae bo fediswe, mohlang oo ke Morena feela ya tla phahamela tsohle;


Batho bohle ba tla obama, banna bohle ba ikokobetse, o se ke wa ba tshwarela, Morena.


O omantse mang, wa mo ja tlepane? Ke mang eo o ntseng o mo kgaruma? Ke mang eo o mo tlodisang mahlo hodimo? Ke Ya Halalelang wa Iseraele!


Ke utlwile ho mpurumela ha hao le lerata la hao, kahoo ke tla kenya kgwathatha ka nkong ya hao, ke kenye le tomo ka hanong la hao, ke be ke o kgutlise le mehlala ya hao.


Na ha ke lokele ho ba otlela tsee?” ho rialo Morena. “Na tjhaba se tjee ha se lokelwe ke boiphetetso ba ka?


“Jwale nna Nebukadenesare, ke rorisa Kgosi ya Lehodimo, ke a e phafa, ke a e tlotlisa, hobane mesebetsi yohle ya yona e nepahetse, le ditsela tsa yona di lokile, mme ba ikgohomosang e a ba kokobetsa.”


Mohla tsatsi leo ha o na ho ba dihlong ka baka la ho ntshitelwa ha hao. Ba ithorisang ka boikakaso ba hao ke tla ba fedisa kahare ho wena; o ke ke wa hlola o ikgohomosa, o le thabeng ya ka e halalelang.


Ka mokgwa o jwalo, lona ba batjha, ikokobeletseng ba baholo. Lona bohle, ebang le maikutlo a boikokobetso, le ikokobetse e mong ho e mong, hobane: “Modimo o lwantsha ba ikgohomosang, athe baikobobetsi o a ba hauhela.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ