Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Isaia 5:14 - BIBELE

14 Kahoo lebitla le ba lapetse, le se le ahlame, le ba emetse; kgabane tsa bona le matshwele di theohela teng, di theohela le menyaka le marata a tsona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Ka baka leo, nqalo ya bafu e ikgabolotse, molomo wa yona o ahlamile ka ho fetisisa; bokgabane ba Jerusalema bo tla theohela teng, le setjhaba sa hae, le menyaka ya hae, le ba ithabelang teng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Isaia 5:14
26 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ena ke yona tsela ya ba itshepileng, ke pheletso ya ba kgotsofetseng, ba kgotsofaletseng matlotlo a bona.


wena eo re neng re buisana hamonate, re le sehlopheng se yang tlung ya Modimo.


re ba metse ba phela sa Nqalo ya Bafu, re ba metse bokwiditane sa ba welang ka mohohlong;


Nqalo ya Bafu le mohohlo wa timelo ha di ke di tlala, le wona mahlo a motho ha a kgotsofale.


Ke lebitla le mosadi wa nyopa, le mobu o omeletseng, le mollo o sa ke be o re: ‘Ho lekane!’


Botlotlehi ba hao bo theohetse lebitleng, bo theohetse mmoho le melodi ya katara tsa hao; tshenyane e fetohile moalo wa hao, diboko di fetohile kobo ya hao.


“Nqalo ya Bafu e etsa mokutu ho o kgahlanyetsa, e tsosa bafu ho o dumedisa, bohle bao e neng e le babusi lefatsheng; bohle bao e neng e le dikgosi tsa ditjhaba, e ba emisa diteroneng tsa bona.


Pelo ya ka e a uba, ke thothomela ke tshabo, shwalane eo ke e hlolohetsweng e nkenyeditse letswalo.


Meropa ya thabo e kgaotsa ho tidinya, mehoo ya ba nyakaletseng le yona e a fela, pina tsa diharepa le tsona di kgaoditse.


Kgale setjhesetso se lokiseditswe kgosi, se batsi, se bile se tebile; jwang le dihotetso di entse pokella, ho phefumoloha ha Morena ho kang nokana ya sebabole, ho tla se hotetsa se laime malakabe.


Nako e fihlile, letsatsi le atametse; moreki a se ke a thaba, kapa morekisi a lla, hobane setjhaba sohle se fihletswe ke kgalefo.


Hona bosiung boo, Beleshasare, kgosi ya Bakalatiya, a bolawa,


Ba tla tjheswa sa meutlwa e harahane, ba tjheswe sa dirite di omeletse, ba ntse ba itlopile veine ya bona.


“Ruri, veine ke moeki wa motho; ya ikgohomosang a ke ke a phela. O meharo jwaloka Nqalo ya Bafu; jwaloka lefu ha a ke a kgora. O ipokellela ditjhaba tse ngatangata, merabe kaofela a e fetole bathopuwa.


“Kenang ka kgoro e patisaneng, hobane kgoro e isang timelong e hebehebe, le tsela e yang teng e sephara, mme ba kenang ka yona ba bangata,


batho ba ne ba eja, ba enwa, ba nyala, ba nyadisa, ho fihlela letsatsing leo Nowe a kenang ka arekeng ka lona, mme ho etla morallo, o ba timetsa bohle.


“Itlhokomeleng, esere mohlomong dipelo tsa lona tsa imelwa ke botlofa le botahwa, le matshwenyeho a bophelo bona, mme letsatsi lela la le tsometsa,


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ