Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Isaia 49:7 - BIBELE

7 Morena, Molopolli wa Iseraele, yena Ya Halalelang, o bua tjena ho mohlanka wa babusi, ho ya ileng a nyediswa, a nyonywa ke ditjhaba: “Kgosi di tla o bona, di eme ka maoto, mahosana le wona a tla o obamela, ka baka la Morena, yena ya tshepahalang, Ya Halalelang wa Iseraele, ya o kgethileng.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Jehova, Molopolli le Mohalaledi wa Iseraele, o rialo ho ya nyatistsweng ke bohle, ho ya hloilweng ke setjhaba, ho mofo wa babusi: Marena a tla mmona, a eme; mahosana a tla kgumama pela hae ka baka la Jehova ya tshepehang, le la Mohalaledi wa Iseraele ya o kgethileng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Isaia 49:7
41 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ditjhaba di ke di o sebeletse, mme merabe e ke e o kgumamele. Eba morena wa bana beno, bana beno ba o kgumamele. Bohle ba o rohakang ba ke ba rohakehe, mme bohle ba o hlohonolofatsang ba hlohonolofale.”


Modimo o rena hodima ditjhaba, Modimo o dutse teroneng, teroneng ya hae e halalelang.


Kgalema sebatana se moferong, batho ba kang mohlape wa dipoho, le manamane a wona, ba ke ba ineele, ba o tlisetse silefera; qhalanya ditjhaba tse ratang ntwa.


Atamela ho nna, o mpholose, o ntopolle ka baka la dira tsa ka.


Morena o tla hauhela Jakobo, a boele a ikgethele Baiseraele, a ba ahise naheng ya bona; baditjhaba ba tla aha le bona, ba kgomarele ntlo ya Jakobo.


Morena o tla etsa hore Baegepeta ba mo tsebe, mme mohla tsatsi leo, ba tla dumela hore ke yena Morena, ba mo kgumamele ka ho mo etsetsa mahlabelo, le ka ho mo nyehella ka nyehelo ya dijo. Ba tla mo etsetsa dikano, mme ba di phethe.


Mohlang oo, ho tla ba le mmila o tswang Egepeta, o yang Asiria. Moasiria o tla ya Egepeta, Moegepeta a ye Asiria, mme Baegepeta ba rapele hammoho le Baasiria.


Ka lona tsatsi leo, ho tla letswa lenaka le leholo, mme ba neng ba le lekgatheng la ho shwela naheng ya Asiria, le ba neng ba leleketswe naheng ya Egepeta, ba tla kgutla, ba kgumamele Morena thabeng e halalelang e Jerusalema.


“Bonang, Mohlanka wa ka eo ke mo kgethileng, ke eo, mokgethwa wa ka ya nkgahlang; ke theoletse Moya wa ka, ka o theolela hodima hae, o tla tlisetsa ditjhaba toka.


Morena, Molopolli wa hao, Ya Halalelang wa Iseraele, o bua tjena: “Ke nna Morena Modimo wa hao, ya o rutang tse leng molemo ho wena, ya o tsamaisang tseleng e o loketseng.


Di bopilwe hona jwale, e seng tshimolohong, ho fihlela kajeno o ne o eso di utlwe; ka hona o ke ke wa re: ‘Ke ne ntse ke di tseba.’


“Lona dihlekehleke, mmameleng! Lona tjhaba tse hole, utlwang tsena! Morena o mpitsitse ke sa le popelong, mohla ke tswalwang a mpitsa ka bitso la ka.


Dikgosi e tla ba bahodisi ba hao, kgosatsana tsa tsona e be baanyesi ba hao. Di tla o obamela fahleho di tadimile fatshe, di be di nyeke lerole le maotong a hao. Ke moo o tla tseba hore Morena ke nna, hobane ba ntshepileng ba ke ke ba hlajwa ke dihlong.”


Bahatelli ba hao ke tla ba fepa nama ya bona, ba tahwe ke madi a bona sa veine e ntjha. Batho bohle ba tla tseba hore nna Morena, ke Mopholosi wa hao le Molopolli wa hao, yena Ya Matla wa Jakobo.”


Ke ile ka hlobola hore bashapi ba ntjhape mokokotlong, marama ka a retelletsa ho ba ntlhothang ditedu; ba ntshomang ba ntshwela ka mathe ha ke a ka ka ba patela fahleho sa ka.


Empa tjhaba tse ngata di tla mo makalla, kgosi di fetohe dimumu kapele ho yena, hobane di tla be di bona seo di esong ho se bolellwe, seo di esong ho se utlwe, di tla se utlwisisa.


O ile a nyediswa, a furallwa ke batho, ya eba motho wa mahlomola, ya tsebang mahloko. A tshwana le eo batho ba tshabang le ho mo tadima; o ile a nyediswa, ra se ke ra mo natsa.


“Baditjhaba ba tla tsosa marako a hao, dikgosi tsa bona di o sebeletse; le hoja ha ke halefile ke ile ka o otla, empa ka baka la lereko la ka ke o hauhetse.


O tla anya lebese la baditjhaba, o anye matswele a dikgosi tsa bona, o tsebe hore nna Morena, ke Mopholosi wa hao, Molopolli wa hao, Ya Matla wa Jakobo.


Baditjhaba ba tla hohelwa ke sedi la hao, kgosi di hohelwe ke redi le phatsimang la hao.


Morena o re: “Batho bohle ba tla nkgumamela, ba nkgumalele ha kgwedi ka nngwe e thwasa; ba nkgumamele ka Sabatha se seng le se seng.


Ka kgwedi e le nngwe ka bolaya badisa ba bararo, hobane ba ne ba ntenne, ba se ba ntlhoile.


Ka mokgwa o jwalo Mora Motho ha a ya tlela ho sebeletswa, empa ho tla sebeletsa le ho neelana ka bophelo ba hae hore e be topollo ya ba bangata.”


Yaba ba mo tshwela ka mathe sefahlehong, ba mo otla ka ditebele, ba bang bona ba mo jabela,


Ana e moholo ke ofe: Na ke ya jang kapa ya fepang? Na hase ya jang? Hara lona, nna ke jwaloka ya fepang.


Empa bohle ba howa hammoho, ba re: “Bolaya enwa, o re lokollele Barabase!”


Empa ba pheella ho howa ka mantswe a phahameng, ba kopa hore a thakgiswe; yaba mehoo ya bona e a mo hlola.


Batho ba ne ba eme ba tadimile. Le babusi ba ne ba mo phoqa, ba re: “O pholositse ba bang; haeba e le Kreste, mokgethwa wa Modimo, a ipholose!”


Ba howa hape, ba re: “E seng enwa, e mpe e be Barabase!” Barabase e ne e le senokwane.


Bao ba howa, ba re: “Mmolaye! Mmolaye! Mo thakgise!” Pilato a re ho bona: “Ke thakgise kgosi ya lona?” Baprista ba baholo ba araba, ba re: “Ha re na kgosi haese Sesare.”


Eitse ha baprista ba baholo le mapolesa ba mmona, ba howa, ba re: “Mo thakgise! Mo thakgise!” Pilato a re ho bona: “Mo nkeng e le lona, le mo thakgise, hobane nna ha ke fumane molato ho yena!”


Modimo ya le bitseditseng ho ba le kabelo bophelong ba Mora wa hae, Jesu Kreste, Morena wa rona, o a tshepahala.


Tsebang ke hona hore Morena Modimo wa lona, ke yena Modimo. Ke Modimo ya tshepahalang, ya bolokang selekane le lerato la hae le tiileng ho ba mo ratang, le ho ba bolokang melao ya hae, ho isa melokong e sekete.


Tloong ho eo e leng lejwe le phelang, le lahlilweng ke batho, empa le kgethilweng ke Modimo, e le la bohlokwa.


Jwale lengeloi la bosupa la letsa terompeta, mme lehodimong ha utlwahala mantswe a phahameng, a reng: “Puso ya lefatshe e se e le ya Morena wa rona, le ya Mesia wa hae, mme o tla busa kamehla le mehla.”


“Ngolla moruti wa kereke e Filadelfia, o re: “Tsena di bolelwa ke Ya Halalelang, ya nang le nnete, ya tshwereng senotlolo sa Davida, ha a butse, ha ho ya tla kwala, ha a kwetse, ha ho ya tla bula;


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ