Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Isaia 48:17 - BIBELE

17 Morena, Molopolli wa hao, Ya Halalelang wa Iseraele, o bua tjena: “Ke nna Morena Modimo wa hao, ya o rutang tse leng molemo ho wena, ya o tsamaisang tseleng e o loketseng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Ho itswe ke Jehova, Molopolli wa hao, Mohalaledi wa Iseraele: Nna Jehova, Modimo wa hao, ke o ruta se o tshwanelang, ke o tsamaisa ka tsela eo o tshwanetseng ho tsamaya ka yona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Isaia 48:17
32 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jwale ka inama, ka kgumamela Morena, mme ka boka Morena, Modimo wa monga ka Aborahama, ya ileng a ntsamaisa ka tsela e nepahetseng, hore ke tlo nkela mora wa monga ka moradi wa moena wa hae.


o se utlwe o le lehodimong, mme o tshwarele bahlanka ba hao, e leng setjhaba sa hao sa Iseraele, sebe sa bona. Ako ba rute tsela e lokileng, eo ba tla tsamaya ka yona. Naha ya hao, eo o e neileng setjhaba sa hao hore e be lefa la sona, o e nesetse pula.


“Modimo o phahametse bohle ka matla a hae; moruti ke ofe ya tshwanang le yena?


Haeba ho teng ya tshabang Morena, Morena o tla mmontsha tsela, tsela eo a tshwanetseng ho e kgetha.


Ke tla o ruta, ke o bontshe tsela; ke tla o eletsa, ke o bee leihlo.


Modimo, o nthutile wa nthuta ho tloha botjheng ba ka, mme ho fihlela jwale ke ntse ke tumisa dimakatso tsa hao.


O ntsamaisa ka keletso ya hao, mme qetellong o tla nkamohela ka tlotla.


Matjhabatjhaba a tla fihla, a re: “Tloong, re nyoloheleng Thabeng ya Morena, re nyoloheleng Tempeleng ya Modimo, Tempeleng ya Modimo wa Jakobo. O tla re ruta ditaba tsa hae, re tle re tsamaye tseleng tsa hae;” kaha molao o tla tswa Thabeng ya Sione, ntswe la Morena le tswe Jerusalema.


“Ke bo-mang bao moporofeta a tla ba ruta? Molaetsa wa hae o tla o hlalosetsa bo-mang? O loketse masea a sa tswa kgweswa, bana ba sa tswa tloswa letsweleng!


Leha Morena a le fepa bohobe ba matshwenyeho, a le nwesa metsi a ditsietsi, baruti ba lona ba ke ke ba hlola ba pateha, empa le tla ba bona ka mahlo a lona.


Leha le ka kgelohela ka tsohong le letona kapa ka ho le letshehadi, le tla utlwa lentswe le le nyenyeletsa, le re: “Ena ke yona tsela, tsamayang ka yona.”


“O se ke wa tshaba, wena Jakobo, sebokonyana, wena Iseraele wa motwantwanyane; ke nna ya tla o thusa,” ho rialo Morena, Molopolli wa hao, Ya Halalelang wa Iseraele.


Morena, Mopholosi wa hao, Ya Halalelang wa Iseraele, o bua tjena: “Ka baka la lona ke tla otla Babilona, babalehi bohle ba Bakalatiya ke ba theole, ke ba theole ba balehele dikepeng, dikepeng tseo ba neng ba ikgantsha ka tsona.


Morena o bua tjena, yena ya phuntseng tsela lewatleng, a seha mmila hara metsi a befileng;


“Morena, Ya Halalelang wa Iseraele, Mmopi wa hao o bua tjena: Na o ka mpotsa tse tla etsahala ho bana ba ka? Kapa wa ntaela mabapa le mosebetsi wa matsoho a ka?


Tswang Babilona, le balehe Bakalatiya! Phatlalatsang tsena ka mehoo ya thabo, le di phatlalatse ho ya pheletsong tsa lefatshe, le re: “Morena o lopolotse Jakobo, mohlanka wa hae.”


Bahatelli ba hao ke tla ba fepa nama ya bona, ba tahwe ke madi a bona sa veine e ntjha. Batho bohle ba tla tseba hore nna Morena, ke Mopholosi wa hao le Molopolli wa hao, yena Ya Matla wa Jakobo.”


Morena, Molopolli wa Iseraele, yena Ya Halalelang, o bua tjena ho mohlanka wa babusi, ho ya ileng a nyediswa, a nyonywa ke ditjhaba: “Kgosi di tla o bona, di eme ka maoto, mahosana le wona a tla o obamela, ka baka la Morena, yena ya tshepahalang, Ya Halalelang wa Iseraele, ya o kgethileng.”


“Bara ba hao bohle ba tla rutwa ke Morena, ditloholo tsa hao di be le kgotso ya sebele.


Mmopi wa hao ke yena monna wa hao, Morena wa mabotho ke lona lebitso la hae; Ya Halalelang wa Iseraele ke yena Molopolli wa hao, o bitswa Modimo wa lefatshe lohle.


“Ka baka la kgalefo ya ka ke ile ka o furalla, ka o patela fahleho sa ka ka motsotswana; empa kahobane ke o rata, ke tla o utlwela bohloko kamehla yohle,” ho rialo Morena, Molopolli wa hao.


Morena o bua tjena: “Emang mateanong a ditsela le qamake, le botse: ‘Tsela ya kgale, e lokileng, e kae?’ Tsamayang ka yona, mme le tla fumana phomolo. Empa lona la re: ‘Ha re ka ke ra e tsamaya!’


Matjhabatjhaba a tla fihla, a re: “Tloong, re nyoloheleng thabeng ya Morena, re nyoloheleng Tempeleng ya Modimo wa Jakobo. O tla re ruta ditaba tsa hae, re tle re tsamaye tseleng tsa hae;” kaha molao o tla tswa, o tswe thabeng ya Sione, ntswe la Morena le tswe Jerusalema.


Ho ngotswe ho Baporofeta, ho thwe: ‘Bohle ba tla rutwa ke Modimo.’ E mong le e mong ya utlwileng le ho ithuta ho Ntate o tla ho nna.


haeba ruri le utlwile tsa hae, mme le rutilwe nnete kamoo e leng kateng ho Jesu.


Feela pakeng tsa lona le yona ho be le sebaka se bolelele bo ka bang ba kilomethara. Le se ke la atamela haufi le yona, le tle le tsebe tsela eo le tla tsamaya ka yona, hobane ha le eso ka le tsamaya ka tsela ena.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ