Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Isaia 48:14 - BIBELE

14 “Kgobokanang kaofela, le mamele: Ke modingwana ofe o boletseng tsee e sa le pele? Ya ratwang ke Morena o tla phetha thato ya Morena, thato eo a e phethe hodima Babilona, tsoho la hae le lwantshe Bakalatiya.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Phuthehang kaofela, le mamele: Ke mang hara bona ya boletseng ditaba tsena na? Eo Jehova a mo ratang o tla phetha thato ya hae hodima Babilona, letsoho la hae le lwantshe Bakalde.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Isaia 48:14
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jakobo a bitsa bara ba hae, a re: “Tloong ho nna, mme ke tla le bolella se tla le hlahela ka matsatsi a tlang.


“Bokanang le mamele, bara ba Jakobo, mamelang ntata lona Iseraele.


Wena Babilona, tlotla ya mebuso, mokgabo oo Bakalatiya ba leng motlotlo ka wona, Modimo o tla o timetsa sa Sodoma le Gomora!


Bonang, ho tla bapalami ba dipere ka bobedi! Sebohodi sa boela sa bua, sa re: “Babilona e wele! Babilona e wele! Tshwantsho tsa medimo ya bohata, medimo e betlilweng, di bjaramane, di hasantswe fatshe!”


“Atamelang, le ke le bolele, le re bolelle tse tla etsahala. Re bolelleng hore na tsa kgalekgale ke dife, e le hore re tle re di nahane, re be re tsebe le pheletso ya tsona; kapa le re bolelle tse tla etsahala.


Matjhaba wohle a phutheha hammoho, ditjhaba le tsona di a kgobokana; ke mang hara tsona ya boletseng tsee, a ba re bolella tsa kgalekgale? A ba ke ba tlise dipaki tsa bona mona, di tle di pake hore ba nepile, e le hore di ba utlwe, di re: “Ke nnete!”


Ke nna ya reng ho Siruse: ‘O modisana wa ka, o tla phetha tsohle tseo ke di ratang; o tla re thako tsa Jerusalema di tsoswe, o re metheo ya Tempele e ralwe.’ ”


Ya tshwanang le nna ke mang? Ha a ke a phatlalatse! A ke a bolele kapele ho nna se etsahetseng haesale ke thea tjhaba sa ka kgalekgale, a bolele le tse tlang ho etsahala. E, a ke a senole tse tlang ho tla.


Ka ho loka ha ka ke susumeditse Siruse, tsela tsa hae tsohle di tla otlollwa ke nna. O tla tsosa marako a motse wa ka, a be a lokolle bathopuwa ba ka, a ba lokolle ntle ho theko kapa moputso,” ho rialo Morena wa mabotho.


Jwaloka tau e tswang morung wa Jorodane, e etswa ho ya makgulong a matalana, ka ho panya ha ntshi Babilona e tla lelekwa! Ba tla sireletswa ke mang ha ke ba otla? Ya ka tshwanang le nna ebe ke mang? Ya ka nkisang kgotla yena ke mang? Moetapele ke ofe ya ka nkemang kapele?”


Jesu a mo tadima, mme a mo rata, a re ho yena: “O haellwa ke ntho e le nngwe: Eya, o rekise tsohle tseo o nang le tsona, o abele mafutsana tjhelete eo, mme o tla ba le letlotlo lehodimong; jwale o tle, o ntatele!”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ