Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Isaia 47:13 - BIBELE

13 O ikgathaditse feela ka keletso tse ngatangata! Jwale bitsa balepi ba hao, balepi ba hao ba dinaledi, dinohe tse o senolelang diketsahalo, tsa kgwedi le kgwedi, di ke di o pholose ho tsena tse o tlelang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

13 O ikgathaditse ka ho botsa dikeletso haholo; a ba ke ba eme, ba o pholose, bona ba tsebang lehodimo, ba lekolang dinaledi, ba o bolellang, ha kgwedi e roha, tseo o tla hlahelwa ke tsona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Isaia 47:13
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ke nna ya nyopisang dipontsho tsa baporofeta ba bohata, ya fetolang dinohe e be dithoto, ya nyopisang tsebo ya bahlalefi, a e fetole lefeelafeelane.


Ke sona feela seo ba ka o etsetsang sona, bana bao o sebeditseng le bona, bao esale o hweba le bona ho tloha botjheng ba hao. E mong le e mong o ikela ka tsela ya hae, ha ho le ya mong wa bona ya ka o pholosang.”


Empa tsena tse pedi di tla o kgaoletsa, ka ho panya ha ntshi, ka tsatsi le le leng: Ho shwelwa ke bana le ho ba mohlolohadi. Di tla o wela hodimo ka matla a maholo, di sa re letho ka boloi ba hao, di sa re letho ka boreba ba hao.


Maeto a lona a malelele a le baketse mokgathala, empa la sitwa le ho re: ‘Ha ho na thuso!’ Le nnile la fumana mekgwa ya ho imatlafatsa, kahoo ha le a ka la kgathala.


Ha batho ba re le yo botsa ho ba buisanang le bafu le ho baloi ba hweshetsang, ba beraberang, na batho ha ba tshwanele ho botsa Modimo wa bona, ho ena le hore ba phelang ba botse bafu?


Morena wa mabotho o bua tjena: “Rako le leholo la Babilona le tla heletswa, kgoro tsa yona tse phahameng di tjheswe ka mollo; setjhaba sena se sebeleditse lelea, mesebetsi ya sona e fella malakabeng!”


Jwale o re: ‘Ka mokgwa o tjena, Babilona e tla teba, e ke ke ya hlola e bitoha hape, ka baka la koduwa eo ke tla e dihela hodima yona. Baahi ba yona ba tla kgathala.’ ” Mantswe a Jeremia a fella mona.


Matsapa wohle a lekilwe, a hlotswe, e kganathetse mafoome, a hana ho tloha, ke mollo feela o ka tsebang ho a tlosa.


Hona bosiung boo, Beleshasare, kgosi ya Bakalatiya, a bolawa,


Na hase Morena wa mabotho ya ileng a rera, hore mosebetsi wa batho o fediswe ka mollo, le hore ditjhaba di sebeletse lelea?


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ