Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Isaia 47:11 - BIBELE

11 Kahoo o tla welwa ke koduwa hodimo, ha o na ho tseba le ho e upa; o tla welwa ke bomadimabe hodimo, o ke ke wa tseba ho bo qhelela thoko; timelo le yona e tla o wela hodimo, e o tsometse o sa ka wa tseba.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Ka baka leo, tsietsi e tla o hlahela, eo o ke keng wa tseba ho e upa, bobe bo tla o wela hodimo, boo ho seng pheko eo o ka bo thibelang ka yona, le tshenyo eo o sa e tsebeng e tla tla hodima hao ka sehloho.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Isaia 47:11
28 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jwale dira tsa rona di ntse di re: “E tla re ba hlokomela, kapa ba bona, re be re se re ikakgetse kahara bona, re ba bolaya, re emisa mosebetsi ona.”


Tlokotsi e ke e ba wele hodimo, e ba wele ka tsometso; ba ke ba tshwaswe ke leraba leo ba le tjhehileng, ba wele lemeneng leo ba le tjhekileng.


“Lona ba lebalang Modimo, le ke le lemohe tsena, esere ka le harola, mme la hloka ya le namolelang.


wena eo re neng re buisana hamonate, re le sehlopheng se yang tlung ya Modimo.


ba fetoha lesupi ka ho panya ha ntshi, ba fedile, qetello ya bona ke e tshosang.


Bobe bo salama baetsadibe, ba lokileng bona ba putswa ka tse molemo.


Bokollang, tsatsi la Morena le se le le haufi! Le tla e le la timetso, le etswa ho Ya Matla wohle!


Matshwele a dira tsa hao a tla fetoha lerole, mphi tse sehloho di fefolwe sa mmoko, hanghang hona ho tla etsahala ka ho panya ha ntshi!


bokgopo bona bo tla ka lerako le phahameng, le seng le petsohile, le hlephile, le helehang ka ho panya ha ntshi.


Lengeloi la Morena la tswa, la ya diahelong tsa Baasiria, la bolaya Baasiria ba dikete tse lekgolo le mashome a robedi a metso e mehlano. Ha bosiu bo wela fatshe, kaofela ha bona ya be e se e le ditopo.


Ke etsa lesedi, ke etsa lefifi, ke a pholosa ke be ke timetse, nna Morena, tsena tsohle ke a di etsa.


Empa tsena tse pedi di tla o kgaoletsa, ka ho panya ha ntshi, ka tsatsi le le leng: Ho shwelwa ke bana le ho ba mohlolohadi. Di tla o wela hodimo ka matla a maholo, di sa re letho ka boloi ba hao, di sa re letho ka boreba ba hao.


Ha wa ka di utlwa le ho di utlwisisa; tsebe tsa hao haesale di thibane ho tloha kgale. Ke tseba hantle kamoo o leng maqiti kateng, o bitsitswe lehlabaphiyo ho tloha mohla o tswalwang.


Batho ba lokileng ba a timela, ha ho le ya mong ya keng a nahane hona; ba nang le tumelo le bona ba a fediswa, ha ho ya utlwisisang hona: Ba lokileng ba balehisetswa bobe bo tlang.


Lefatshe le a reketla, le a meneka, Morena o tsitsisitse morero wa hae wa Babilona, morero wa hore naha ya Babilona a e falatse, a e falatse ho se be ya ka phelang ho yona.


Metse ya Babilona e ripitlilwe, naha e fetohile sekaka le lehwatata, naha e se nang baahi le batsamai.


Babilona e wele hanghang ya bjaramana! Llelang Babilona ke hona! E feng setlolo sa ho thoba maqeba a yona haeba le re ho etsa jwalo ho tla e phekola.


Batho ba utlwile mefehelo ya ka, empa ha ho na motho ya ntshedisang. Dira tsa ka tsohle di utlwile tsietsi ya ka, di nyakaladitswe ke ketso ena ya hao. Potlakisa tsatsi le boletsweng ke wena, dira tsa ka di tle di tshwane le nna.


Koduwa di tla fihlellana, tsa bo-fuufu le tsona di fihlellane. Batho ba tla rata eka baporofeta ba ka ba bolella dipono, empa baprista ha ba sa tla ba ruta molao; le dikeletso tse tswang ho ba baholo di tla ba siyo.


Monga hae a halefa, a mo neela bahlokofatsi ho fihlela a ka lefa molato kaofela.


Ke a o bolella, ha o ka ke wa tswa teng ho fihlela ha o lefile le tjheletana ya ho qetela.”


batho ba ne ba eja, ba enwa, ba nyala, ba nyadisa, ho fihlela letsatsing leo Nowe a kenang ka arekeng ka lona, mme ho etla morallo, o ba timetsa bohle.


Mohla batho ba reng: “Ke kgotso, ha ho kotsi,” ke mohla timelo e tla ba tsometsa jwalokaha bohloko ba pelehi bo tsometsa moimana, mme ba ke ke ba phonyoha.


Hopola he, kamoo o ileng wa amohela seo o se utlwileng kateng; se boloke, mme o bake. Haeba o sa fadimehe, ke tla tla ho wena jwaloka leshodu, mme ha o ka ke wa tseba nako eo ke tla tla ho wena ka yona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ