Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Isaia 47:10 - BIBELE

10 “O ile wa thepa bokgopo ba hao, wa ba wa re: ‘Ha ho ya mponang!’ Wa kgeloswa ke bohlale le tsebo ya hao, ka pelong ya hao wa ithetsa, wa re: ‘Ho re nna feela, ha ho pohopedi ntle ho nna!’

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

10 O itshepetse bolotsana ba hao; o ne o re: Ha ke bonwe ke motho. Bohlale le tsebo ya hao ke tsona tse o thetsitseng, mme o itse pelong ya hao: Ke nna, ha ho e mong haese nna.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Isaia 47:10
23 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ka pelong ya kgopo o re: “Modimo o a lebala, o ipatile sefahleho, a ke ke a bona letho le kgale.”


Modimo o tla o ripitlela ruri, a o hlwibile, a o hotolele ntle ho tente ya hao, a o fedise lefatsheng la ba phelang.


Ba fula ya se nang kodi ba ipatile, ba mo fula ka tsometso ba se na letswalo.


Motho ha a na matla a ho busa moya wa hae, kapa a ho laola tsatsi la lefu la hae; ha ntwa e kopane ha ho bewe dihlomo fatshe, bokgopo bo ke ke ba lokolla ba bo etsang!


Lona le itse: “Re entse selekane le lefu, ra etsa tumellano le Nqalo ya Bafu. Ha koduwa e tshabehang e wela lefatshe, rona e tla re feta mohwalotso, hoba leshano ke tshabelo sa rona, bohata ke bona tshireletso ya rona.”


Ho madimabe ba patelang Morena merero ya bona, ba e etsetsang lefifing, ba re: “Ke mang ya re bonang? Ke mang ya re tsebang?”


Kgopolo e jwalo e ka ho itjella molora, pelo e thetsehileng e ya mo kgelosa, a ke ke a ipholosa, kapa a re: “Ho ka tsohong la ka le letona na hase thetso?”


“Jwale mamela, wena ya ratang boithabiso, wena ya iphelelang a sa natse letho, wena ya ntseng a ithetsa, ka ho re: ‘Ho re nna feela, ha ho pohopedi ntle ho nna! Nke ke be ka ba mohlolohadi le kgale, le ho shwelwa ke bana nke ke ka ho tseba!’


Ho madimabe ba reng ba bohlale, bona ba iponang ba le masene.


Ha ho le ya mong ya batlang toka, ha ho le ya mong ya buang nnete dinyeweng; ba tshepa dikgang tsa mafeela, ba bua leshano; mehopolo ya bona e mebe, mme e tswala bokgopo.


Na motho a ka ipata dikgotjheletsaneng, a ipata teng, yaba ha ke mmone?” ho rialo Morena. “Na ha ke fumanwe lehodimong le lefatsheng?” ho rialo Morena.


Morena o bua tjena: “Mohlalefi a se ithorise ka bohlale ba hae, senatla se se ithorise ka bonatla ba sona, morui a se ithorise ka maruo a hae;


Morena a re ho nna: “Wena ngwana motho, na o bone seo e mong le e mong wa baholo ba ntlo ya Iseraele a se etsang mafifing, ka kamoreng ya modingwana wa hae? “Ba re: ‘Morena ha a re bone! Morena o furaletse lefatshe!’ ”


Jwale Morena a re ho nna: “Bokgopo ba ntlo ya Iseraele le ba ntlo ya Juda bo boholo haholo. Naha e tletse dipolao, toka ha e yo motseng ona. Ba re: ‘Morena o furaletse naha ena; Morena ha a bone.’


Ka baka leo, wena kgosi, ako amohele keletso ya ka, o furalle dibe tsa hao ka ho etsa ho lokileng, le bokgopo ba hao ka ho hauhela mafutsana; mohlomong o ka phela halelele ka boiketlo.”


Ke wona motse wane o motlehadi, o neng o ituletse ka kgotso, o neng o ikgohomosa ka ho re: “Ke nna feela, ha ho na e mong.” O fetohile lesupi le lekaakang! O fetohile letsaba la dibatana! Bo-mofeta-ka-tsela ba a o makalla, ba letsa molodi, ba opa diatla!


Leha ba ne ba re ba bohlale, ba thotofala;


Bohlale ba lefatshe lena ke bothoto mahlong a Modimo. Etswe Mangolo a re: “Modimo o tshwasa ba bohlale maqhekeng a bona.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ