Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Isaia 46:5 - BIBELE

5 “Jwale le tla ntekanya le mang, le nketse thaka ya hae? Le tla ntekanya le mang hore ke tle ke tshwane le yena?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Le ka ntshwantsha le mang? Le ka ntekanya le mang, la mpapisa le mang, hore ke tshwane le yena?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Isaia 46:5
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ke mang ya kang Morena, Morena Modimo wa rona, ya dutseng teroneng, teroneng e hodimodimo,


Morena, ha ho ya tshwanang le wena, ya tshwanang le wena hara medimo, ha ho mesebetsi e kang ya hao.


Morena, mahodimo a a boka, a boka dimakatso tsa hao, a bolela botshepehi ba hao phuthehong ya bahalaledi.


Phuthehong ya bahalaledi Modimo o tshajwa haholo, o hlomphuwa haholo ke bohle ba mo teetseng hare.


“Morena, ke mang ya kang wena hara medimo? Ke mang ya kang wena, ya tlotlehang ka kgalalelo? Ya tshabehang ka botumo? Ya etsang mehlolo?


Jwale Modimo le ka mo lekanya le mang? Hona le ka re o tshwana le mang?


“Jwale le ka ntekanya le mang? La re thaka ka yena ke mang?” ho rialo Ya Halalelang.


Modimo wa Jakobo yena ha a tshwane le yona, hobane ke yena Mmopi wa tsohle; o kgethile Iseraele hore e be tjhaba sa hae, Morena wa mabotho ke lona lebitso la hae.


Yena, o ne a ena le boleng ba Modimo, mme o ne a sa hopole hore o iphamolela letho ha a re, o lekana le Modimo,


Kreste ke setshwantsho sa Modimo ya sa bonweng. Ke yena Letsibolo, ya bileng teng pele ho tsohle tse hlodilweng.


Mora o kganya ka tlotla ya Modimo, ke setshwantsho sa boleng ba Modimo, mme tsohle o di boloka ka lentswe la hae le matla. Hoba a re hlwekise dibe, a ya dula ka letsohong le letona la Ya Hodimodimo, mahodimong.


Bohle ba kgumamela kganyapa, hobane e ne e neile sebatana matla a yona. Ba kgumamela le sona sebatana, ba re: “Ke mang ya tshwanang le sebatana? Ke mang ya ka se lwantshang?”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ