Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Isaia 46:3 - BIBELE

3 “Mmameleng lona ba ntlo ya Jakobo, lona masalla wohle a ntlo ya Iseraele, lona bao ke le sikileng ho tloha mohla le tswalwang, lona bao ke le pepileng ho tloha mohla le tswalwang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Mmameleng, lona ntlo ya Jakobo, le lona masala wohle a ntlo ya Iseraele! Ke le pepile esale ho hlaheng ha lona, ka le jara esale ho tswalweng ha lona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Isaia 46:3
24 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Pholosa setjhaba sa hao, o hlohonolofatse lefa la hao; o se fepe, o se pepe kamehla le mehla.


O ntsheheditse ho tloha tswalong ya ka, wa ntshireletsa ho tloha popelong ya mme; nke ke ka kgaotsa ho o rorisa.


‘Le bone tseo ke di entseng Egepeta, le kamoo ke ileng ka le pepa kateng ka mapheo a ntsu, ka le tlisa ho nna.


Hoja Morena wa mabotho a se ka re siela mahlatsipa, re ka be re ile ra ba jwaloka Sodoma, re ka be re ile ra tshwana le Gomora!


Mohla tsatsi leo, masalla a Iseraele, ba ntlo ya Jakobo ba ileng ba phonyoha, ha a sa tla hlola a tshepa ya ile a a otla, empa a tla tshepa Morena ka nnete, yena Ya Halalelang wa Iseraele.


Masalla a tla boela a kgutla, masalla a Jakobo a kgutlele ho Modimo ya matla.


Leha tjhaba sa hao, wena Iseraele, se ka hlabathe la lewatle, ke masalla feela a tla boela a kgutla. Morena o se a laotse timetso, e tla se wela hodimo e le ka toka.


Tsatsing leo Morena o tla otlolla letsoho la hae kgetlo la bobedi, ho lopolla masalla a setjhaba sa hae a Asiria le a Egepeta, a Patarose le a Kushe, a Elame le a Shinare, a Hamate le a ahileng dihlekehlekeng.


Mohlomong Morena Modimo wa hao, o tla utlwa mantswe a molaodi wa ntwa, eo monga hae, kgosi ya Asiria, a mo rommeng ho nyedisa Modimo ya phelang. Morena Modimo wa hao, o tla mo kgalemella dipolelo tseo a di utlwileng. Ka baka leo, rapella ba ntseng ba phela.’ ”


Masalla a ileng a sala Sione, le a ileng a sala Jerusalema, ho tla thwe a a halalela; ke ho re bohle ba ngotsweng, e leng ba phelang Jerusalema.


“Hopola ntho tsena, wena Jakobo, wena Iseraele, hobane o mohlanka wa ka; ke o bopile, o mohlanka wa ka, wena Iseraele, ha nka ke ka o lebala.


Mmameleng, lona ba pelo di thata, lona ba leng hole le ho loka.


“Mamelang sena, lona ba ntlo ya Jakobo, lona ba bitswang ka lebitso la Iseraele, lona ba tswang lelokong la Juda, lona ba ikanang ka lebitso la Morena, lona ba rapelang Modimo wa Iseraele, empa e se ka nnete kapa ka ho loka.


“Lona ba labalabelang ho loka, mmameleng, le lona ba batlang Morena: Tadimang lefika leo le kgephotsweng ho lona, le morafo oo le tjhekilweng ho wona.


“Lona ba tsebang se lokileng, mamelang! Lona tjhaba se tsebang molao wa ka, tjhaba seo molao wa ka o leng ka pelong tsa sona: Le se ke la tshaba ha batho ba le nyefola, kapa la tshoswa ke mahlapa a bona.


matshwenyeho wohle a bona le yena a mo tshwenya. Hase lengeloi le ba pholositseng, ba pholositswe ke Morena ka seqo, ka lerato le ka mohau wa hae a ba lopolla; ho tloha kgale a ba nka, a ba a ba jara.


Le lehwatateng, tseleng yohle eo le e tsamaileng, ho tla fihla sebakeng sena, le bone kamoo Morena Modimo wa lona, a ileng a le pepa kateng, jwalokaha monna a pepa mora wa hae.’


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ