Isaia 46:13 - BIBELE13 Ho loka ha ka ke ho tlisa haufi, ebile ha ho sa le hole haholo, ho pholosa ha ka ho ke ke ha dieha. Sione ke tla e pholosa, Iseraele ke e tlotlise. အခန်းကိုကြည့်ပါ။Sesotho 1909/1961 (SO)13 Ke atameditse ho loka ha ka: Ha ho hole; le poloko ya ka; e ke ke ya dieha. Ke tla bea poloko ya ka Sione, le kganya ya ka hodima Iseraele. အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
Ke dikepe tse bokanang mabopong, mabopong a dihlekehleke, dikepe tseo batsamaisi ba tsona ba ntebeletseng, dikepe tsa Tarashishe di di eteletse pele, di tlisa bara ba hao ba tswang holehole, ba tlang ba kakatetse silefera le kgauta ya bona, ho tla tlotlisa Morena, Modimo wa hao, e leng Ya Halalelang wa Iseraele, hoba ke yena ya o tlotlisitseng.
Lebitso la motse ona le tla nthabisa, e be thoriso le tlotla ho ditjhaba tsohle tsa lefatshe, tse tlang ho utlwela tsohle tse molemo, tseo ke di etseditseng motse ona. Ditjhaba tseo di tla tshaba, di thothomele ka baka la tsohle tse molemo, le ka baka la nala yohle, e leng tseo ke di etseditseng motse ona.