Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Isaia 45:9 - BIBELE

9 “Ho madimabe ya tsekisanang le Mmopi wa hae, yena e leng lengetana hara mangetana! Na letsopa le ka re ho sebopi sa lona: ‘O etsang?’ Na mosebetsi wa hao o ka re: ‘Ha o na tsebo’?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Ho madimabe ya tsekisanang le Mmopi wa hae; athe ke lengeta hara mangeta a mang a letsopa! Na letsopa le ka re ho ya le bopang: O etsang na? Kapa mosebetsi wa hao o ka bua bakeng sa hao, wa re: Ha o na matsoho na?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Isaia 45:9
22 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ako hopole, o mpopile seka letsopa; na o tla nkgutlisetsa leroleng hape?


Ke ka baka lang ha o phea kgang le yena, o re polelo tsa hao ha a di arabe?


“Na monyatsi a ka phea kgang le Ya Matla wohle? Ya nyatsang Modimo a ke a arabe!”


Ha a inkela, a ka thibelwa ke mang? Ke mang ya ka reng ho yena: ‘Jwale o etsa jwang?’


Modimo o bohlale, o bile o matla: Ke mang ya ka mo hanyetsang, yaba o a atleha?


Ha ho bohlale, kelello, kapa morero o ka atlehang ha Morena a sa o rate.


Seo motho a leng sona kgale se tsejwa, kgale ho tsejwa hore motho ke motho; ha ho motho ya ka hwebeshanang, le senatla se mo feta ka matla.


Na selepe se ka ithorisetsa, ya rathang ka sona, kapa yona sakga ya ithorisetsa, ya sakgang ka yona? Na molamu o ka nonya ya o phahamisang, kapa kotjane ya tsokotsa motho e se lehong?


Ntho le di hlabisa hlohlodingwane, jwalokaha eka sebopi sa tsona ke letsopa. Na se bopilweng se ka bua ka mmopi wa sona, sa re: “Hase yena ya mpopileng”? Na pitsa e ka bua ka sebopi sa yona, ya re: “Ha se tsebe letho”?


Ho madimabe ya reng ho ntatae: ‘O tswetseng?’ Kapa ya reng ho mmae: ‘O belehileng?’


Ha ho na motho ya ipiletsang ho wena, kapa ya lekang hore a o kgomarele; hobane o re patetse fahleho sa hao, wa etsa hore re motele ka baka la dibe tsa rona.


Leha ho le jwalo, Morena, wena o ntata rona; rona re letsopa, wena o sebopi, bohle re mosebetsi wa matsoho a hao.


“Na ke hore wena, ntlo ya Iseraele, nke ke ka o etsa jwalokaha sebopi se etsa ka letsopa la sona?” ho rialo Morena. “Seo letsopa le leng sona matsohong a sebopi, ke seo wena ntlo ya Iseraele, o leng sona matsohong a ka.


O be o bolelle Jehoyakime, kgosi ya Juda, o re: ‘Morena o bua tjena: O ile wa tjhesa buka ena, wa re: Ke ka baka lang ha o ngotse bukeng ee, wa re: Ruri kgosi ya Babilona e tla tla e timetsa naha ena, mme e fedise batho le diphoofolo?’


Wena Babilona ke o tjhehetse leraba, la ba la o tshwasa o sa le ela hloko; o ile wa fumanwa, mme wa hapuwa, hobane o ile wa lwana, wa lwantshana le Morena.


Baahi bohle ba lefatshe hase letho; o etsa thato ya hae ka mabotho a lehodimo, le ho baahi ba lefatshe o etsa jwalo. Ha ho ya ka thibelang tsoho la hae, kapa a re ho yena: ‘O etsang jwale?’


Kapa na re ka phephetsa Morena? Na re mo feta ka matla?


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ