Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Isaia 45:19 - BIBELE

19 Ha ke a bua sephiring, kgotjheletsaneng tse lefifi, ha ke a ka ka re ho ditloholo tsa Jakobo: ‘Mpatleleng lelea.’ Nna Morena, ke bua ho lokileng, nna ke bolela tse nepahetseng.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

19 Ha ke a ka ka bolela sephiring, leha e le nqalong e lefifi ya lefatshe, ha ke a ka ka re ho moloko wa Jakobo: Le mpatle feela. Nna, Jehova, ke bolela nnete, ke tsebisa se lokileng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Isaia 45:19
45 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

“Ka baka leo, pontsheng ya Baiseraele bohle, e leng setjhaba sa Morena, le moo Modimo wa rona a ntseng a utlwa, batlang, mme le boloke melao yohle ya Morena Modimo wa lona, e le hore le tle le rue naha ena e ntle, le e siele bana ba lona, e be ya bona kamehla yohle.


Yaba Asariya o ya kgahlanyetsa Asa, mme o fihla a re ho yena: “Wena Asa, le bohle ba morabe wa Juda le wa Benjamine, mmameleng! Morena o na le lona haeba le lona le ena le yena. Ha le mmatla le tla mo fumana, empa haeba le mo furalla le yena o tla le furalla.


haeba setjhaba sa ka, se bitswang ka nna, se ka ikokobetsa, sa rapela, sa mpatla, mme sa kgutla mekgweng ya sona e kgopo, ke tla utlwa ke le lehodimong, ke se tshwarele sebe sa sona, mme ke ntjhafatse naha ya sona.


Ke ne ke hlajwa ke dihlong ho kopa bahlabani le bapalami ba dipere ho kgosi, hore bao ba tle ba re sireletse ho dira tsa rona tseleng, hobane re ne re bua le kgosi, re re: “Letsoho la Modimo wa rona le sireletsa bohle ba mo sebeletsang, empa matla a hae le kgalefo ya hae di hodima bohle ba mo furallang.”


Morena o re: “Ka baka la ho tujwa ha bahlophehi, le la ho dumaela ha mafutsana, jwale ke kena dipakeng; ke tla ba fa pholoho eo ba e hloretseng.”


O jwalo moloko wa ba batlang Modimo, ba ratang ho bona fahleho sa hao, wena Modimo wa Jakobo.


Ba dulang kgorong tsa motse ba bua ka nna, matahwa a qapile dipina ka nna.


Hona ho tla kgahlisa Morena ho feta hlabelo sa dipohwana, sa pohwana tse dinaka, pohwana tse dikgolana.


Eitse ha Modimo a ba bolaya, ba qala ho mmatla, ba kgutlela ho yena, ba mmatla hape;


Morena e ke e be qhobosheane ya ba hatellwang, qhobosheane nakong ya matshwenyeho.


Hara mmidimidi bohlale bo a howa, bo phatlalatsa puo tsa bona kgorong tsa motse, bo re:


Mahlabelo a ya kgopo ke manyala ho Morena, empa thapelo ya ya lokileng e a mo kgahla.


“Polelo tsohle tsa Modimo ke tsa nnete. Ke thebe ho bohle ba mo tshepang.


Theang tsebe ke le bolelle tsa bohlokwa, ke le phatlalletse tse lokileng.


Ha le phahamisa matsoho ho ipiletsa ho nna, ke tla ipata sefahleho; leha le ka etsa dithapelo tse ngata, nke ke be ka le mamela, matsoho a lona a kganathetse madi.


Ke nna ya senotseng, ka pholosa, ka phatlalatsa, ke nna, e seng modimo o mong osele o hara lona. Lona le paki tsa ka hore ke nna Modimo,” ho rialo Morena.


O se ke wa thothomela, o se ke wa tshaba. Na ha ke a ka ka bolela hoo, ka ho senola kgalekgale? Lona le dipaki tsa ka; na ho teng Modimo e mong kantle ho nna? Tjhe, ha ho Lefika le leng, ha ke tsebe le le leng!’ ”


Ke hlapantse ka nna, molomo wa ka o buile ka ho loka, lentswe la ka le ke ke la fetohelwa. Mangwele wohle a tla nkgumamela, maleme wohle le wona a ikane ka nna.


Empa ho Morena ditloholo tsohle tsa Iseraele di tla fumanwa di lokile, mme di nyakalle.”


“Atamelang pela ka, le mamele hona: Ho tloha tshimolohong ha ke qala ho bua, ha ke a ka ka buela sephiring; ha tseo di etsahetse ke ne se ntse ke le teng.” Jwale Morena Modimo o nthomme, o nthomme ka Moya wa hae.


Eo ya tswang Edomo ekaba ke mang, ya tswang Bosera aparo tsa hae di le kgubedu? Eo ya apereng tse ntlentle ekaba ke mang, ya hwantang ka bonatla bo boholo ba hae? “Ke nna ya buang ka tsa ho loka, ke nna ya nang le matla, matla a ho pholosa!”


Ke tla sitsa Jakobo ka ditloholo, tsa Juda tsona e be majalefa, majalefa a thaba tsa ka; thaba tseo e tla ba lefa la bakgethwa ba ka, mme bahlanka ba ka ba tla aha ho tsona.


Ha batho ba re le yo botsa ho ba buisanang le bafu le ho baloi ba hweshetsang, ba beraberang, na batho ha ba tshwanele ho botsa Modimo wa bona, ho ena le hore ba phelang ba botse bafu?


“Lona ba moloko ona, mamelang lentswe la Morena: Na ke bile lehwatata ho Baiseraele, ka ka naha e lefifi ho bona? Ke ka baka lang ha tjhaba sa ka se re: ‘Rona re tla iketsetsa borata, ha re ka ke ra kgutlela ho wena?’


Morena o bua tjena ho ba ntlo ya Iseraele, o re: “Mpatleng, le tle le phele.


Jesu a mo araba, a re: “Ke buile le lefatshe phatlalatsa; ke rutile ka matlung a thapelo le ka Tempeleng kamehla, moo Bajuda bohle ba phuthehelang teng, mme ha ke a ka ka bua letho lekunutung.


Empa bonang, o bua pepenene, mme ha ba re letho ho yena. Na ekaba babusi ba tsebile kannete hore ke yena Kreste?


Jwale Jesu a phahamisa lentswe, a ruta ka Tempeleng, a re: “Le a ntseba, le tseba le moo ke tswang teng; ha ke a tla ka bonna, empa ya nthomileng ke wa nnete, eo le sa mo tsebeng.


“Diphiri tsohle ke tsa Morena Modimo wa rona, empa dintho tse senotsweng ke tsa rona, le tsa bana ba rona kamehla yohle, e le hore re phethe dipallo tsohle tsa Molao ona.”


“Yena ke Lefika, mosebetsi wa hae o hloka kodi, ditsela tsohle tsa hae di na le toka; ke Modimo ya tshepahalang, ya se nang bokgopo; o lokile, mme o nepa kamehla.


Le a kopa, empa ha le fumane letho, hobane le kopa ka mokgwa o mobe, hore le tle le kgotsofatse ditakatso tsa lona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ