Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Isaia 45:18 - BIBELE

18 Morena, Mmopi wa mahodimo, yena Modimo ya bopileng lefatshe, a le etsa, yena ya ileng a le tsitsisa, yena ya sa kang a le bopela lefeela, ya le bopetseng hore ho phelwe ho lona, o bua tjena: “Ke nna Morena, ha ho na e mong.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

18 Hobane Jehova, mmopi wa Mahodimo, Modimo o bopileng lefatshe, moetsi wa lona ya le tiisitseng, ya sa ka a le bopela lefeela, ya mpang a le bopetse hore le ahuwe, o bolela, o re: Ke nna Jehova, e mong ha a yo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Isaia 45:18
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Tshimolohong Modimo o ne a hlole lehodimo le lefatshe.


Lefatshe le ne le se na sebopeho, le se na letho; lefifi le ne le aparetse bodiba. Moya wa Modimo o ne o okaokela metsi.


Jwale Modimo a re: “A re etseng motho ka setshwano sa rona le ka sebopeho sa rona, mme a laole ditlhapi tsa lewatle, le dinonyana tse fofang, le makgomo, le lefatshe lohle, le tsohle tse hahabang hodima lefatshe.”


Modimo a ba hlohonolofatsa, a re ho bona: “Atang, le ngatafale, le tlale lefatshe, le rene hodima lona; le laole ditlhapi tsa lewatle, le dinonyana tse fofang, le tsohle tse tsamayang hodima lefatshe.”


Modimo a hlohonolofatsa Nowe le bara ba hae, a re ho bona: “Atang, le ngatafale, le tlale lefatshe.


Mahodimo ke mahodimo a Morena, lefatshe lona o le neile bana ba batho.


Ya nyolohetseng lehodimong a ba a theoha ke mang? Ya fupereng moya ka diatla tsa hae ke mang? Ya bokeletseng metsi ka aparong sa hae ke mang? Ya sehileng meedi ya dipheletso tsa lefatse ke mang? Lebitso la hae ke mang? La mora wa hae lona ke mang? Haeba o a tseba, bolela!


Morena Modimo o bua tjena, yena ya bopileng mahodimo a ba a a ala, ya phutholotseng lefatshe le tsohle tse ho lona, ya neang baahi ba lona moya o ba phedisang, le bophelo ho bohle ba phelang ho lona:


Morena, Molopolli wa hao, yena ya o entseng o sa le popelong, o bua tjena: “Ke nna Morena ya entseng dintho tsohle, ya adileng mahodimo ke le inotshi, ya phutholotseng lefatshe ke le inotshi.


Ke entse lefatshe ka ba ka le bopela motho, esita le mahodimo ka a ala ka matsoho a ka, le dinaledi tsohle tsa lehodimo di laelwa ke nna.


Tsoho la ka ke lona le theileng lefatshe, tsoho la ka le letona le adile mahodimo; ha ke a bitsa a emela hong kaofela.


O leballang Morena, e leng Mmopi wa hao, yena ya ileng a ala mahodimo, a ba a rala metheo ya lefatshe? O phelelang ka tshabo, ka matsatsi wohle, ka baka la kgalefo ya mohatelli ya rerileng ho o timetsa? E kae kgalefo ya mohatelli eo?


Ka matla a hae Modimo o entse lefatshe, ka bohlale ba hae a le tsitsisa tulong tsa lona, ka kelello ya hae a ala le mahodimo.


“Ka matla a hae Morena o hlodile lefatshe, ka bohlale ba hae a tsitsisa metheo ya lona, ka kutlwisiso ya hae a ala le mahodimo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ