Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Isaia 44:7 - BIBELE

7 Ya tshwanang le nna ke mang? Ha a ke a phatlalatse! A ke a bolele kapele ho nna se etsahetseng haesale ke thea tjhaba sa ka kgalekgale, a bolele le tse tlang ho etsahala. E, a ke a senole tse tlang ho tla.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Ke mang ya jwaloka nna ya boletseng tse esong ho hlahe, esale ke thea setjhaba hore e be sa kamehla? A bolele, a hlahise pela ka. Ba ke ba bolele tse tlang ho tla, tse tlang ho etsahala!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Isaia 44:7
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jwale ba kae bahlalefi ba hao? A ba o tsebise, ba o phatlalletse seo Morena wa mabotho a se reretseng Egepeta.


“Atamelang, le ke le bolele, le re bolelle tse tla etsahala. Re bolelleng hore na tsa kgalekgale ke dife, e le hore re tle re di nahane, re be re tsebe le pheletso ya tsona; kapa le re bolelle tse tla etsahala.


Re tsebiseng tseo e leng hona di tla tla, re tle re tsebe hore efela le le medimo. Etsang tse ntle kapa le etse tse kgopo, re tle re bone, ebe re tlalwa ke tshabo.


Ya boletseng tsee tshimolohong ke mang re tle re tsebe? Kapa a di bolela pele, re tle re re o ne a nepe? Ha ho ya kila di bolela, ha ho ya kila di senola, polelo tsa hae ha ho ya kila di utlwa!


Ya entseng hore tsee di etsahale ke mang? ya bitsitseng meloko ho tloha tshimolohong ke mang? Ke nna Morena, ebile ke nna wa ho qala, ke nna Morena ya tla ba le ba ho qetela.”


Ke nna ya senotseng, ka pholosa, ka phatlalatsa, ke nna, e seng modimo o mong osele o hara lona. Lona le paki tsa ka hore ke nna Modimo,” ho rialo Morena.


Matjhaba wohle a phutheha hammoho, ditjhaba le tsona di a kgobokana; ke mang hara tsona ya boletseng tsee, a ba re bolella tsa kgalekgale? A ba ke ba tlise dipaki tsa bona mona, di tle di pake hore ba nepile, e le hore di ba utlwe, di re: “Ke nnete!”


Atamelang le bolele taba tsa lona, tlisang medimo ya lona e eletsane. Ke mang ya boletseng see e sa le kgale? Ke mang ya se phatlaladitseng mehleng e fetileng? Na e ne e se nna Morena? Ha ho modimo e mong kantle ho nna, Modimo ya lokileng le Mopholosi; ha ho e mong haese nna feela.


O entse ditjhaba tsohle ka madi a motho a le mong, hore di ahe lefatsheng lohle; a di beela dinako e sa le pele, le meedi ya boaho ba tsona,


Ha Radiphahama a aba, a abela matjhaba dinaha, a arola bana ka merabe ya bona, a na a sehela ditjhaba meedi, ho ya ka palo ya bana ba Iseraele.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ