Eo o jwaloka sefate se hlomilweng pela metsi a nwesetsang, se behang ditholwana ka nako ya tsona, seo mahlaku a sona a sa poneng. Yena o atleha ho tsohle tseo a di etsang.
Tloholo tsa hao di ka be di le kaa ka lehlabathe, bana ba hao ba le kaa ka tlhaku tsa lona di se na palo; lebitso la bona le ne le ke ke la fela, leha e le ho hlakoha kapele ho nna.”
Morena o tla o tataisa kamehla, a o fe tseo o di hlokang leha naha e omeletse, a matlafatse ditho tsa mmele wa hao. O tla tshwana le serapa se nwesetswang hantle, o ke sediba seo mohlodi wa sona o sa psheng.
Jwalokaha mobu o medisa dimela tsa wona, tshimo le yona e medisa dijalo tsa yona, Morena Modimo o tla medisa ho loka le ho rorisa, tsena a di medise moo matjhaba wohle a di bonang.
Ka letsatsi la pele le tla kga ditholwana tsa difate tse ntle, le makala a dipalema, le maswai a difate, le a moduwane wa noka, mme ka matsatsi a supileng le thabe kapele ho Morena.