Isaia 44:19 - BIBELE19 Ha ho ya keng a inahane, ha ho ya nang le tsebo kapa kutlwisiso ya ho re: “Ke besitse mollo ka patsi e nngwe, ka pheha bohobe ka mashala a yona, ka besa le nama ka ba ka e ja. Na nka etsa modingwana ka patsi e setseng? Na nka obamela sekoqo sa patsi?” အခန်းကိုကြည့်ပါ။Sesotho 1909/1961 (SO)19 Ha ho ya elellwang, ya nang le temoho ke kelello ya ho re: Ke besitse sekoto se seng mollong, ka mashala a sona ke apehile bohobe ba ka, ka wona ka ba ka besa le dinama tsa ka, ka ja, mme ka se seng nka etsa manyala na? Na nka kgumama pela lekala la sefate na? အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
Dibaka tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona, tse neng di le pela Jerusalema, ka letsohong le letona ho Thaba ya Tshenyeho, tseo Solomone, kgosi ya Iseraele, a neng a di hahetse Asetarote, manyala a Basidone; le Kemoshe, manyala a Bamoabe; le Milekome, manyala a bana ba Amone; tsena tsohle ya di silafatsa.
Empa ya etsang mahlabelo ka poho, o tshwana le mmolai wa motho; ya etsang nyehelo ka konyana, o tshwana le ya robang ntja molala; ya etsang nyehelo ka dijo, o tshwana le ya nyehelang ka madi a kolobe; ya tjhesang mokubetso ho etsa kgopotso, o tshwana le ya kgumamelang modimo wa bohata. E, ba ikgethetse tsela tsa bona, meya ya bona e thabela manyala a bona.