Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Isaia 44:15 - BIBELE

15 ke patsi eo motho a besang mollo ka yona; e nngwe ya yona o ikomosa ka yona, a bese mollo ho pheha bohobe. O betla le modingwana ka yona, a o kgumamele, a etse modimo wa bohata, a o obamele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Mme motho a be le seo a ka se besang, a fele a rwalle sefate ho ikomosa ka sona, a be a bese mollo, a apehe bohobe ka sona; a iketsetse le modimo ka sona, a ntoo o kgumamela; a betle setshwantsho, a se rapele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Isaia 44:15
10 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ha Amasiya a kgutla ho tswa timetsa Baedomo, a tla le medimo ya bana ba Seire, a e etsa medimo ya hae, a e kgumamela, mme a e tjhesetsa mokubetso.


Naha ya sona e tletse medimo ya bohata, se kgumamela mesebetsi ya matsoho a sona, mesebetsi e bopilweng ke menwana ya sona.


Ya etsang modimo wa bohata, kapa ya bopang setshwantsho, yena o sebeletsa lelea.


Motho o rema fate tsa dikedare, kapa a reme tsa kiperese le tsa eike, a reme le fate tse teng kahara moru, a hlome feiye, pula e e nwesetse;


Ka patsi e nngwe o besa mollo, a phehe dijo tsa hae ho wona, a bese nama, a e je, a be a kgore. Mollong oo o ye a ikomose, a re: “A! ke futhumetse, ke orile mollo!”


Ka e setseng o betla modimo wa bohata, modingwana wa hae a o obamele, a o kgumamele, a o rapele, a re ho wona: “Ako mpholose, o modimo wa ka!”


“Kgobokanang, le tle, le atameleng mmoho, lona ba phonyohileng ho baditjhaba, dithoto ting! le tsamayang le jere, le jere medimo ya bohata, ya lehong, lona ba rapelang medimo e ke keng ya le pholosa.


Ba bang ba ntsha kgauta ka mekotleng ya bona, ebe ba bea silefera sekaleng, ba hira lelala la kgauta ho etsa setshwantsho, tshwantsho sa modimo wa bohata, ba se obamele, ba se kgumamele.


Ha e le batho ba sa kang ba bolawa ka dikotlo tsena, ha ba a ka ba bakela mesebetsi ya bona; ba nnile ba tswela pele ho kgumamela bademona, ditshwantsho tsa medimo ya bohata, tsa kgauta, le tsa silefera, le tsa lethose, le tsa lejwe, le tsa lehong, tse ke keng tsa bona, kapa tsa utlwa, kapa tsa tsamaya.


Empa e ne e ye ere ha moahlodi a eshwa, ba boele mekgweng ya bona, ba etse tse kgopo le ho feta bo-ntata bona; ba boele ba latele medimo e meng, ba e sebeletse, ba e kgumamele. Ba ne ba sa ke be ba tlohele mesebetsi ya bona e kgopo, kapa manganga a bona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ