Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Isaia 44:13 - BIBELE

13 Sebetli sa lehong se lekanya ka kgwele ya sona, se tshwaye moralo wa modingwana ka pene, se sebedise phalo ho betla lehong, ebe se le tshwaya ka ho methang. Jwale ebe se a betla, se etsa tshwantsho sa motho, tshwantsho sa motho ya kgahlehang haholo, se tla bewa ka tlung.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Mmetli o otlolla thapo hodima lehong, a ngole setshwantsho ka potoloto, a se bope ka phalo, a se lekanye ka tekanyo, a se etse ka sebopeho sa motho le ka botle ba motho, se tle se lokele ho dula tlung.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Isaia 44:13
18 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ha Labane a ilo kuta dinku tsa hae, Ragele a utswa medimo ya lelapa la ntatae.


Jwale ha o tsamaile, hobane o ne o se o hlolohetswe lelapa leno, medimo ya ka yona o e utsweditseng?”


Mang kapa mang eo medimo ya hao e tla fumanwa ho yena, a ke ke a phela. Batla seng seo sa hao, moo bana babo rona ba ntseng ba bona, o se nke!” Jakobo o ne a sa tsebe hore Ragele o utswitse medimo eo.


Jakobo a re ho ba lelapa la hae le ho bohle ba neng ba ena le yena: “Tlosang medimo esele e teng hara lona, le itlhwekise, le apare diaparo disele, tse hlwekileng.


Kahoo sebetli se kgothatsa lelala la kgauta, ya photlang ka noto o kgothatsa sefuthi, o re ho sona: “E kopane hantle!” O kgokgothela modimo wa bohata ka dipekere, e le hore o tiye, o se ke wa ketoha.


Motho o rema fate tsa dikedare, kapa a reme tsa kiperese le tsa eike, a reme le fate tse teng kahara moru, a hlome feiye, pula e e nwesetse;


Yaba ke a kena, mme hohle leboteng ka bona ho entswe ditshwantsho tsa mefuta yohle ya dihahabi, le tsa dibatana tse nyonyehang, le tsa medingwana yohle ya ba ntlo ya Iseraele.


Kapele ho tsona ho ne ho eme baholo ba ntlo ya Iseraele ba mashome a supileng, mme Jaasaneya, mora wa Shafane, a eme hara bona, e mong le e mong wa bona a tshwere pitsana ya mokubetso, ho foqoha mosi wa mokubetso o entse leru.


Morena a re ho nna: “Wena ngwana motho, na o bone seo e mong le e mong wa baholo ba ntlo ya Iseraele a se etsang mafifing, ka kamoreng ya modingwana wa hae? “Ba re: ‘Morena ha a re bone! Morena o furaletse lefatshe!’ ”


“Kaha re le bana ba Modimo, ha re a tshwanela ho hopola hore bomodimo bo tshwana le kgauta, silefera kapa lejwe le betlilweng ka tsebo le ka bohlale ba motho.


tlotla ya Modimo ya sa shweng, ba e fetola setshwantsho sa motho ya shwang, kapa sa dinonyana, kapa sa diphoofolo, kapa sa dihahabi.


“ ‘Ho rohakehe ya etsang setshwantsho se betlilweng, kapa se bopilweng ka tshepe, se entsweng ke matsoho a setsebi, mme a se kgumamela sephiring, e leng ntho e manyala ho Morena!’ “Setjhaba sohle se arabele, se re: ‘A ho be jwalo!’


Le tla sebeletsa medimo e bopilweng ka matsoho a motho; medimo ya lehong, le ya lejwe, e sa boneng, e sa utlweng, e sa jeng, e sa fofoneleng.


Mmika a re ho bona: “Le nkile modimo wa ka, oo ke iketseditseng wona, le moprista le mo nkile, yaba le a tsamaya. Ke sa na le eng? Jwale le re na ke batlang?”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ