Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Isaia 43:9 - BIBELE

9 Matjhaba wohle a phutheha hammoho, ditjhaba le tsona di a kgobokana; ke mang hara tsona ya boletseng tsee, a ba re bolella tsa kgalekgale? A ba ke ba tlise dipaki tsa bona mona, di tle di pake hore ba nepile, e le hore di ba utlwe, di re: “Ke nnete!”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Ditjhaba kaofela di ke di bokellwe hammoho, batho kaofela ba phuthehe! Ke mang hara bona ya ka bolelang ditaba tsa pele? A ba ke ba hlahise dipaki tsa bona, ba tle ba emelwe; batho a ba ke ba utlwe, mme ba re: Ke teng!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Isaia 43:9
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Pesalema ya Asafo. Modimo ya matla wohle, Morena, o buile, o bitsa lefatshe lohle ho tloha botjhabela ho isa bophirimela.


Lona ditjhaba tsohle atamelang, le mamele, lona merabe sekehang tsebe! Lefatshe le tsohle tse ho lona, le tsohle tse tswang ho lona, le ke le mamele!


“Lona dihlekehleke kgutsang kapele ho nna! Ditjhaba a di ke di imatlafatse! A di ke di atamele di bue, re kopaneng mmoho tulong sa kahlolo.


“Ako nkgopotse tse fetileng, re phehisane kgang ka tsona; bolela kamoo o hlokang molato kateng.


“Morena, Kgosi ya Iseraele le Molopolli, Morena wa mabotho o bua tjena: ‘Ke nna wa pele le wa ho qetela, kantle ho nna ha ho na Modimo.


Ho tloha qalehong ke tsebisitse batho tsa ho qetela, ho tloha mehleng ya boholoholo ka ba tsebisa, ka ba tsebisa tse tla etsahala, ka re: ‘Merero ya ka e tla tiya, ke tla etsa tsohle tseo ke di ratang.’


“Kgobokanang kaofela, le mamele: Ke modingwana ofe o boletseng tsee e sa le pele? Ya ratwang ke Morena o tla phetha thato ya Morena, thato eo a e phethe hodima Babilona, tsoho la hae le lwantshe Bakalatiya.


“Tse fetileng ke ne ke di bolele kgale, ka di phatlalatsa, ka etsa hore di tsejwe; ka di etsa ka ho panya ha ntshi, mme tsa eba teng.


Lona ditjhaba tsohle, phallang, kgobokanang, le phuthehele ka Kgohlong!’ ” Morena, laola bahale ba hao ba theohe.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ