Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Isaia 43:26 - BIBELE

26 “Ako nkgopotse tse fetileng, re phehisane kgang ka tsona; bolela kamoo o hlokang molato kateng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

26 Nkgopotse, re tseke hammoho! Bolela, o tle o bonahale o le ya lokileng!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Isaia 43:26
19 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Hape wa na wa re: ‘Ke tla o tswela molemo, ke atise ditloholo tsa hao, di be kaalo ka lehlabathe la lewatle, le ke keng la balwa ka baka la bongata.’ ”


Ke mang ya ka mpuellang ho Modimo jwalokaha ho buellwa motho ho motswalle?


Thapelo ya ka e nyolohele ho wena, e nyolohe jwaloka mokubetso, ke phahamise matsoho a ka e le nyehelo ya mantsiboya.


Tsoha Modimo, o itwanele, hopola hore sethoto se a o nyefola, se o nyefola ka matsatsi wohle.


“Tloong re lokise ditaba,” ho rialo Morena. “Leha dibe tsa lona di ka ba kgubedu, di tla sweufala jwaloka lehlwa; leha di ka ba kgubedu tlere! di tla sweufala jwaloka boya.


“Lona dihlekehleke kgutsang kapele ho nna! Ditjhaba a di ke di imatlafatse! A di ke di atamele di bue, re kopaneng mmoho tulong sa kahlolo.


Matjhaba wohle a phutheha hammoho, ditjhaba le tsona di a kgobokana; ke mang hara tsona ya boletseng tsee, a ba re bolella tsa kgalekgale? A ba ke ba tlise dipaki tsa bona mona, di tle di pake hore ba nepile, e le hore di ba utlwe, di re: “Ke nnete!”


Ya reng ha ke na molato o haufi le nna; ebe jwale ya ka nqosang ke mang? A re hle re thulane re tadimane! Moqosi wa ka yena ke mang? Ha a hle a tle a nqose!


“Morena Modimo o bua tjena: Seo ke tla boela ke dumela ba ntlo ya Iseraele ho nkopa sona, mme ke ba etsetse sona, ke sena: Ke tla ba atisetsa thari, ba be jwaloka mohlape wa dinku,


Empa yena ka ho rata ho itokafatsa, a re ho Jesu: “Wa heso ke mang?”


Jesu a re ho bona: “Lona le iketsa ba lokileng mahlong a batho, empa Modimo o tseba dipelo tsa lona, hobane ho tlotlehang mahlong a batho ke manyala ho Modimo.


Ka ho se tsebe kamoo Modimo a lokafatsang batho kateng, mme ka ho batla ho thea ho loka hoo e leng ha bona, ha ba a ka ba ikokobetsa tlasa ho loka ho tswang ho Modimo,


“Kapa ke mang ya kileng a mo fa ho hong, hore a tle a mo buseletse?”


Ke mang ya tla qosa bakgethwa ba Modimo, athe Modimo o a ba lokafatsa?


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ