Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Isaia 43:23 - BIBELE

23 Ha o a ntlisetsa konyana tsa setjheso, leha e le ho ntlhompha ka mahlabelo a hao. Ha ke a ka ka o imetsa ka ho batla nyehelo tsa dijo, kapa ka o kgathatsa ka ho o kopa mokubetso.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

23 Ha o a ka wa ntlhabela ditjheso tsa dinku tsa hao, ha o a ka wa ntlotlisa ka mahlabelo a hao; ha ke a ka ka o etsetsa boima, ka ho re: O nnyehelle; leha e le ho o kgathatsa, ka ho kopa dibano.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Isaia 43:23
19 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ka hlokomela hore Balevi le dibini, e leng bona ba neng ba selebetsa, ha ba a ka ba newa seabo sa bona, kahoo e mong wa bona o ne a ipoeletse ha habo.


Morena a re ho Moshe: “Inkele dinoko tsena tse monko o monate ka ditekanyo tse lekanang: setoraka, le dikgetla tse monko o monate, le kalabanumu e monko o monate, le mokubetso o hlwekileng.


Mahlabelo a ya kgopo ke manyala ho Morena, empa thapelo ya ya lokileng e a mo kgahla.


Sehlabelo sa ya kgopo se a nyonyeha, haholo ha a se etsa ka morero o mobe.


Tlotla Morena ka maruo a hao, le ka lopotsiya tsohle tsa dijalo tsa hao.


Empa ya etsang mahlabelo ka poho, o tshwana le mmolai wa motho; ya etsang nyehelo ka konyana, o tshwana le ya robang ntja molala; ya etsang nyehelo ka dijo, o tshwana le ya nyehelang ka madi a kolobe; ya tjhesang mokubetso ho etsa kgopotso, o tshwana le ya kgumamelang modimo wa bohata. E, ba ikgethetse tsela tsa bona, meya ya bona e thabela manyala a bona.


“Morena wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o bua tjena: ‘Kopanyang dinyehelo tsa lona tsa setjheso le mahlabelo a lona, ebe le ja nama eo!


Mohla letsatsi leo ke neng ke ntshe baholoholo ba lona naheng ya Egepeta ka lona, ha ke a ka ka bua le bona, kapa ka ba etsetsa taelo, malebana le dinyehelo tsa setjheso le mahlabelo.


“ ‘Ha motho a tlisetsa Morena nyehelo ya koro, a e sile pele, e be phofo e thumisehileng. A tshele ole ya mohlwaare le mokubetso hodima yona,


Moleng o mong le o mong o tshele mokubetso, hore e tle e be bohobe ba kgopotso, ba nyehelo ya setjheso e etsetswang Morena.


“Lona ba ntlo ya Iseraele, na le nnyeheletse ka tse hlabilweng, la nketsetsa le tsona dinyehelo ka lemo tse mashome a mane, la di etsa lehwatateng?


“Lona tjhaba sa ka ebe ke le entseng? Ke le imeditse kang? Nkarabeng hle!


“Na motho a ka qhekanyetsa Modimo? Empa lona le a nqhekanyetsa. “Le boetse le re: ‘Re o qhekanyeditse jwang?’ “Le nqhekanyeditse ha ho fanwa ka karolo e le nngwe ho tse leshome, le ka dinyehelo tsa lona.


Joko ya ka e bonolo, mme thoto ya ka e bobebe.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ