Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Isaia 42:20 - BIBELE

20 O bone ntho tse ngata, empa ha o di ele hloko; tsebe tsa hao di lethwethwe, empa ha o utlwe letho.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

20 O bone taba tse ngata, empa ha o a ka wa di lemoha; ditsebe di ne di thibolotswe, empa o ne o sa mamele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Isaia 42:20
20 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Mang le mang ya bohlale a ke a ele tsena hloko, a ke a utlwisise ketso tsa mohau, mohau wa Morena.


Pholo e tseba monga yona, tonki e tseba sejelo sa yona, empa Iseraele yena o hloka tsebo, tjhaba sa ka sona ha se na kutlwisiso.”


Ka letsatsi le letsatsi ba ntse ba mpatla, ba labalabela ho tseba ditsela tsa ka, jwalokaha eka ke setjhaba se etsang tse lokileng, se sa furallang melao ya Modimo wa sona. Ba nkopa ho ba bolella melao e lokileng, ba re ba tjhesehela ho ikatametsa ho Modimo.


A re: “Tsamaya, o yo bolella setjhaba sena, o re: ‘Ho utlwa le tla utlwa, empa le ke ke la utlwisisa; ho sheba le tla sheba, empa le ke ke la bona.’


“Nka buisana le mang ka mo eletsa? Ke mang ya tla ke a mmamele? Tsebe tsa bona ke tsa leshoma, kahoo ha ba ka ke ba utlwa. Ntswe la Morena ba a le nyedisa, thabo ha ba e fumane ho lona.


Setjhaba sena se tla ho wena, jwalokaha batho ba nne ba phuthehe, ba dule kapele ho wena, ba mamele dipolelo tsa hao, empa ba sa di phethe. Ka melomo ya bona ba bua jwalokaha eka ke batho ba nang le lerato, empa dipelo tsa bona di nyoretswe ho rua ka bolotsana.


Ho batho bao wena o sebini feela se binang ka lentswe le monate, se tsebang ho letsa seletsa. Dipolelo tsa hao tsona ba a di utlwa, empa ha ba di phethe.


batho bohle ba boneng tlotla ya ka le dipontsho tsa ka tseo ke di entseng Egepeta le lehwatateng, empa ba ntekileng ka makgetlo ana a leshome, ba hana ho mamela lentswe la ka;


Ke ka baka lena ke buang le bona ka ditshwantsho, hobane leha ba bona, ha ba bone, mme leha ba utlwa, ha ba utlwe, leha e le ho utlwisisa.


Wena ya rutang ba bang, na o a ithuta? Wena ya bolelang hore ho se ke ha utsuwa, na ha o utswe?


“Feela le itlhokomele, le be hlokolosi, esere la lebala dintho tseo le di bonang ka mahlo a lona, kapa tsa hlakoha dipelong tsa lona ka matsatsi wohle a bophelo ba lona. Empa lona le di tsebise bana ba lona, le ditloholo tsa lona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ