Morena a re ho yena: “Ke mang ya entseng molomo wa motho? Ke mang ya mo etsang hore e be semumu, kapa tsebetutu, kapa a bone, kapa e be sefofu? Na hase nna Morena?
A araba baromuwa bao, a re: “Eyang le tsebise Johanne tseo le di boneng, le tseo le di utlwileng: difofu di boetse di a bona, diritsa di a tsamaya, balepera ba a hlwekiswa, mme bo-tsebetutu ba a utlwa, bafu ba a tsoha, mafutsana a bolellwa molaetsa o molemo;