Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Isaia 42:17 - BIBELE

17 Empa ba tshepang medimo ya bohata, ba reng ho yona: ‘Le medimo ya rona,’ ba tla kgutliswa ba hlabilwe ke dihlong.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Haele ba tshepang ditshwantsho tse betlilweng, ba reng ho ditshwantsho tse tsholotsweng: Le medimo ya rona, ba tla sutha ka santhao, ba swabe haholo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Isaia 42:17
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ba e etsang ba ke ba tshwane le yona, ba be jwalo bohle ba e tshepang.


Bohle ba sebeletsang ditshwantsho ba ke ba hlajwe ke dihlong, bao ba ithorisang ka mafeela; medimo yohle e ke e itihele e itihele maotong a hae.


A nka masale ao matsohong a Baiseraele, a a qhibidihisa, a bopa namane ya kgauta ka wona. Yaba ba re: “Ona ke wona modimo wa hao, wena Iseraele, o o nyolotseng naheng ya Egepeta!”


Se se se kgelohile kapele tseleng eo ke se laetseng yona. Se ipopetse namane ya kgauta, mme se e kgumametse, sa ba sa e etsetsa mahlabelo, sa re: ‘Ona ke wona modimo wa hao, wena Iseraele, o o nyolotseng naheng ya Egepeta!’ ”


“Le tla hlajwa ke dihlong ke ho kgumamela fate sa eike, le swabiswe ke rapa tseo le di kgathileng.


Ba e kgumamelang ba tla tlontloloha, ba e etsang hase letho ke batho feela. A ba ke ba tle kaofela, ba phehe kgang le nna; ba tla kenwa ke tshabo, ba tlontlolohe.


Ka e setseng o betla modimo wa bohata, modingwana wa hae a o obamele, a o kgumamele, a o rapele, a re ho wona: “Ako mpholose, o modimo wa ka!”


Bohle ba etsang medimo ya bohata ke lefeela, medimo eo ba e ratang ke mafeelafeelane. Ba ka e buellang ba foufetse; ha ba bone, ha ba tsebe hore ba tla tlontloloha.


Ka baka leo, Morena Modimo o bua tjena: “Bahlanka ba ka ba tla kgora, empa lona le tla lapa; bahlanka ba ka ba tla nwa, empa lona le tla nyorwa; bahlanka ba ka ba tla thaba, empa lona le tla swaba.


Keng ha ke bona ba se ba phakgasela, ba furaletse, ba se ba etsa sealo? Dinatla tsa bona fatshe di tjapaletse, ke mphete-ke-o-fete, morao ha ba sa hetla, ka nkong tsa bona ho nkga lefu feela!” ho rialo Morena.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ