Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Isaia 41:28 - BIBELE

28 Ha ke tadima medingwana ha ke bone motho, kahara yona ha ho moeletsi, ha ho ya nkarabang ha ke e botsa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

28 Ka tadima, mme ka hloka motho teng; hara bona ha ho ya senolang, ha ho eo nka mmotsang a nkaraba.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Isaia 41:28
9 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ba a se nka, ba se jare ka mahetla a bona, ba se bee tulong tsa sona, se eme teng; moo se emeng teng se ke ke sa sisinyeha. Leha motho a ka ipiletsa ho sona ha se mo arabe, leha e le hona ho mo pholosa tsietseng ya hae.


“Ke hobaneng ha ke fihla ke fumaneng ho se na motho? Yare ha ke bitsa ka hloka ya nkarabang? Na tsoho la ka le fokola hoo nke keng ka le lopolla? Na ke hloka matla a ho le namolela? Bonang! ha ke kgalema ke pshesa metsi a lewatle, dinoka tsona ke di fetole lehwatata; tlhapi tse phelang nokeng tseo di nkge, di re phu! di hloke metsi, di be di shwe ke lenyora.


Morena a bona hore ha ho na motho, a makala ha a bona ho se ya kenang dipakeng; ka matla a hae a hlola dira tsa hae, ho loka ha hae ha mo tshehetsa.


Ka qamaka kahohle, empa ka hloka mothusi, ka makala haholo ha ke bona ho se motshehetsi; yaba tsa pholoho ke di sebetsa ka letsoho la ka, kgalefo ya ka ya eba yona motshehetsi wa ka.


lona ke tla le abela sabole, bohle le tla kgumama ba le bolaye, hobane ha ke bitsa ha le a ka la arabela, ka bua le lona la se ke la mamela. Le entse bokgopo moo ke ntseng ke le bona, la ikgethela dintho tse sa nthabiseng.”


Yaba bahlalefi bohle ba kgosi ba a kena, empa ba hlolwa ho bala mongolo, kapa ho hlalosetsa kgosi seo o se bolelang.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ