Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Isaia 41:26 - BIBELE

26 Ya boletseng tsee tshimolohong ke mang re tle re tsebe? Kapa a di bolela pele, re tle re re o ne a nepe? Ha ho ya kila di bolela, ha ho ya kila di senola, polelo tsa hae ha ho ya kila di utlwa!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

26 Ke mang ya boletseng taba eo esale ho hlaheng, re tle re tsebe? Kapa ya e boletseng mehleng ya pele ke mang, re tle re re: Ke nnete? Empa ha ho ya e boletseng, ha ho ya e senotseng, ha ho ya utlwileng dipolelo tsa lona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Isaia 41:26
7 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

“Atamelang, le ke le bolele, le re bolelle tse tla etsahala. Re bolelleng hore na tsa kgalekgale ke dife, e le hore re tle re di nahane, re be re tsebe le pheletso ya tsona; kapa le re bolelle tse tla etsahala.


Ya entseng hore tsee di etsahale ke mang? ya bitsitseng meloko ho tloha tshimolohong ke mang? Ke nna Morena, ebile ke nna wa ho qala, ke nna Morena ya tla ba le ba ho qetela.”


Matjhaba wohle a phutheha hammoho, ditjhaba le tsona di a kgobokana; ke mang hara tsona ya boletseng tsee, a ba re bolella tsa kgalekgale? A ba ke ba tlise dipaki tsa bona mona, di tle di pake hore ba nepile, e le hore di ba utlwe, di re: “Ke nnete!”


Ya tshwanang le nna ke mang? Ha a ke a phatlalatse! A ke a bolele kapele ho nna se etsahetseng haesale ke thea tjhaba sa ka kgalekgale, a bolele le tse tlang ho etsahala. E, a ke a senole tse tlang ho tla.


Atamelang le bolele taba tsa lona, tlisang medimo ya lona e eletsane. Ke mang ya boletseng see e sa le kgale? Ke mang ya se phatlaladitseng mehleng e fetileng? Na e ne e se nna Morena? Ha ho modimo e mong kantle ho nna, Modimo ya lokileng le Mopholosi; ha ho e mong haese nna feela.


Hopolang taba tsa boholoholo taba tsa kgale, ke nna Modimo, ha ho na e mong; ke nna Modimo, ha ho ya tshwanang le nna.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ