Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Isaia 41:18 - BIBELE

18 Ke tla phunya mehlodi ya dinoka, ke e phunye tutudung tsa lehlabathe, kahara dikgohlo didiba di phorosele. Lehwatata ke tla le fetola le tlale matsha, naha e omeletseng e runyarunye didiba.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

18 Ke tla hlahisa dinoka maralleng, didiba di phunyehe diphuleng; ke tla fetola naha e tshehla matsha, naha e omeletseng e tlale didiba tsa metsi.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Isaia 41:18
24 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Wa phallisetsa didiba dinokaneng tse tswedipanang hara dithaba;


A petsola lefika, metsi a phorosela; a phalla dibataolong eka ke noka.


Lehwatata a le fetola letsha la metsi, naha e tshehla a e fetola didiba.


Morena, ako kgutlise ba habo rona, ba habo rona ba bothopuweng, ba kgutle sa melatswana e phallang, e phallelang Lehwatateng la Borwa.


leha metsi a lona a ka befa, a tlokoma mafilo, dithaba tsa reketliswa ke ho tuduana ha wona.


Le tla ikgella metsi le thabile, le a kge didibeng tsa pholoho.


Hodima thaba ka nngwe e phahameng, le hodima leralla ka leng, ho tla ba le melatswana ya metsi a phallang, mohla batho ba bolawang ba etswa mofela, le ditora di helehang.


Kgosi ka nngwe e tla ka lephephe ha moya o puka, e ke setshabelo nakong ya sefefo, e ke nokana tsa metsi lehwatateng, e ke moriti wa lefika naheng e omeletseng.


Ke moo Morena a tla tlotleha ho rona, e tla ba baka sa dinoka tse batsi le melatswana. Ha ho kepe sa masokwana se tla feta teng, ha ho kepe se seholo se tla sesiswa teng.


Lehwatata le letswatlare di tla thaba, lefeella le nyakalle, palesa di thunye.


“Ke tla nesetsa pula naheng e omeletseng, ke phallise melatswana mobung o omeletseng; ke tla theolela Moya wa ka hodima ditloholo tsa hao, ke theolele mahlohonolo a ka hodima tsona.


Ha ba a ka ba nyorwa ha a ba tsamaisa hara lehwatata; o ila etsa hore metsi a phalle a etswa lefikeng; a otla lefika, metsi a phorosela.


Morena o tla o tataisa kamehla, a o fe tseo o di hlokang leha naha e omeletse, a matlafatse ditho tsa mmele wa hao. O tla tshwana le serapa se nwesetswang hantle, o ke sediba seo mohlodi wa sona o sa psheng.


Ka baka leo, Morena Modimo o bua tjena: “Bahlanka ba ka ba tla kgora, empa lona le tla lapa; bahlanka ba ka ba tla nwa, empa lona le tla nyorwa; bahlanka ba ka ba tla thaba, empa lona le tla swaba.


“Mohla tsatsi leo, thaba di tla rothisa veine, maralla wona a kopotse lebese; melatswana yohle ya Juda e phalle metsi. Sediba se tla kolla ka Tempeleng ya Morena, se kolle, se nwesetse Kgohlo ya Shitime.


Mohla tsatsi leo, metsi a bophelo a tla phalla a etswa Jerusalema, halofo ya wona e phallele lewatleng le ka botjhabela, halofo e nngwe yona e phallele lewatleng le ka bophirimela. Ho tla ba jwalo hlabula le mariha.


Jwale lengeloi la mpontsha noka ya metsi a bophelo, e benyang jwaloka lehakwe, e kollang teroneng ya Modimo le ya Konyana.


hobane Konyana e bohareng ba terone e tla ba disa, e ba ise didibeng tsa metsi a bophelo. Modimo o tla hlakola meokgo yohle mahlong a bona.”


Yaba Modimo o phunya mokoti hona moo Lehi, mme metsi a kolla ho wona. Samosone a nwa, moya wa kgutlela ho yena, mme a kgatholoha. Ka baka leo, a rea sebaka seo lebitso la Sediba sa Moipiletsi, se ntseng se le hona moo Lehi ho fihlela kajeno-ya-bokajeno.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ