Ke bone ho hong hape mona lefatsheng: Ba lebelo hase bona ba siyang kamehla, dinatla hase tsona tse hlolang kamehla, ba bohlale hase bona ba tjhayang kamehla, ba masene hase bona ba ruang kamehla, bahlalefi ha ba dule tulo tse phahameng kamehla; menyetla e tlela bohle ka dinako tsa yona.
Kahoo Morena ha a sa tla thabela batjha ba bona, dikgutsana le bahlolohadi ha a sa ba utlwela bohloko, hobane bohle ba kgopo, ke baetsadibe. Molomo wa e mong le e mong o a nyefola, leha ho le jwalo kgalefo ya hae ha e a kokobela, tsoho la hae o ntsa le phahamisitse.
Le nna ke bipeditswe ke kgalefo ya Morena, ke se ke kgathetse ke ho e thibela. “E hlatsetse hodima bana, bana bana ba diterateng, hodima bahlankana, bahlankana bana ba kgobokaneng; monna le mosadi ba tla thoptjwa bobedi, ho thopuwe raputswe le ya seng a kgokgoba.
Lefu le kene ka difesetere tsa matlo, la kena le ka matlung a dikgosi tsa rona, la hleka bana diterateng tsa motse, la hleka le bahlankana mabaleng a motse.
Empa Davida a tswela pele ho ba phallela, a ena le banna ba makgolo a mane, hobane ba makgolo a mabedi ba neng ba kgathetse hoo ba ileng ba sitwa ho tshela molatswana wa Besore, ba ile ba sala.