Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Isaia 40:22 - BIBELE

22 Modimo o dutse teroneng kahodima lefatshe, baahi ba lona ba tshwana le mehlwanyane. Mahodimo o a sarolotse jwalokaha eka ke lesira, a a ala sa tente eo ho phelwang ho yona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

22 Ke yena ya nang le terone ya hae hodima phikoloho ya lefatshe, leo ba ahileng ho lona ba leng ho yena jwaloka ditsie; ke yena ya menollang mahodimo jwaloka lesela le lesesane la kase, mme o a phutholla jwaloka tente ya ho aha teng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Isaia 40:22
28 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba Modimo o re: “Loapi le be teng pakeng tsa metsi, ho arohanya metsi ho metsi a mang.”


O hara lesira la maru, a ke ke a tseba ho bona, ha a ntsa ralotsa hopong la lehodimo.’


Modimo o sarolotse leboya hodima sepakapaka, a leketlisa lefatshe hodima bofeelafeelane.


Ya tsebang ho thiba ha maru ke mang, le ho thwathwaretsa ha lehodimo la hae?


Na o ka mo thusa ho sarolla mahodimo, mahodimo a bothata ba seipone sa lethose?


Ke yena ya sarolotseng mahodimo, a a sarolla a le mong, a tsamaya le hodima maqhubu, maqhubu a Lewatle;


o ipopile ka lesedi jwalokaha eka ke kobo. O adile mahodimo jwaloka lesela la tente,


a fofa a palame kerubime, a hoballa a le mapheong a moya.


ho se puo, ho se polelo, ho se mantswe a utlwahalang.


Ya dutseng teroneng, lehodimong, o a ba tsheha, Morena o a ba soma.


Morena o ne a rena hodima morallo wa metsi, Morena ke kgosi e renang kamehla le mehla.


Binelang Modimo, lona mebuso ya lefatshe, le roke Morena.


Ke ne ke le teng ha a bea mahodimo bakeng sa wona, a seha moedi wa loapi, a o seha hodima mawatle;


Bona ke boporofeta malebana le Egepeta: Bonang Morena o tla Egepeta, o tla a kaletse leru le potlakileng, medimo ya bohata ya Egepeta e thothomela pela hae, Baegepeta le bona ba tlalwa ke tshabo.


“Oho, Morena ya matla wohle, Modimo wa Iseraele, wena eo terone ya hao e leng pakeng tsa dikerubime, ke wena o le mong feela o leng Modimo wa mebuso yohle ya lefatshe; ke wena ya entseng lehodimo le lefatshe.


Ruri tjhaba di ka lerothodi rothodi la metsi ka nkgong, di ka lerolenyana ha le le sekaleng; ho yena boima ba dihlekehleke bo ka lerolenyana.


Tjhaba tsohle ke lefeela ho yena, o di tadima e le mafeela a se nang thuso.


Ha a ka ke a thekesela kapa a nyahama pelo, ho fihlela a tsitsisa toka lefatsheng. Dihlekehleke di tla itshepela molao, di itshepele molao wa hae.”


Morena Modimo o bua tjena, yena ya bopileng mahodimo a ba a a ala, ya phutholotseng lefatshe le tsohle tse ho lona, ya neang baahi ba lona moya o ba phedisang, le bophelo ho bohle ba phelang ho lona:


Morena, Molopolli wa hao, yena ya o entseng o sa le popelong, o bua tjena: “Ke nna Morena ya entseng dintho tsohle, ya adileng mahodimo ke le inotshi, ya phutholotseng lefatshe ke le inotshi.


O leballang Morena, e leng Mmopi wa hao, yena ya ileng a ala mahodimo, a ba a rala metheo ya lefatshe? O phelelang ka tshabo, ka matsatsi wohle, ka baka la kgalefo ya mohatelli ya rerileng ho o timetsa? E kae kgalefo ya mohatelli eo?


Morena o bua tjena: “Lehodimo ke terone ya ka, lefatshe ke bonamelo ba maoto a ka. E kae ntlo eo ba nkgahelang yona? Se kae sebaka seo ke tla phomola ho sona?


Ka matla a hae Modimo o entse lefatshe, ka bohlale ba hae a le tsitsisa tulong tsa lona, ka kelello ya hae a ala le mahodimo.


Ona ke molaetsa wa Morena. Lena ke lentswe la Morena malebana le Iseraele. Morena ya adileng mahodimo, ya theileng lefatshe, ya buduletseng moya kahare ho motho, o re:


Naheng eo re bone diqhobane tsena, e leng Baanake ba tswetsweng ke diqhobane. Ha re ipapisa le bona re iphumane re le ditsienyane, le bona ha ba re tadima ba bona re le ditsienyane.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ