Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Isaia 40:15 - BIBELE

15 Ruri tjhaba di ka lerothodi rothodi la metsi ka nkgong, di ka lerolenyana ha le le sekaleng; ho yena boima ba dihlekehleke bo ka lerolenyana.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Bonang, ditjhaba di jwaloka lerothodi la metsi le dutlang nkgong, le jwaloka lerolenyana le sekaleng. Bonang, dihlekehleke di jwaloka lerole le lesesanyane le fefohelang koo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Isaia 40:15
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ke bona ba ileng ba abelwa dinaha tsa dihlekehleke, ka ho ya ka maleme a bona, le ka ho ya ka malapa abo bona, le ka ho ya ka merabe ya bona.


Bafo ke lefeela, marena ke thetso; sekaleng ba bobebe, kaofela ha bona ke lefeela.


Mo tshepeng ka dinako tsohle, mo tshepeng lona tjhaba sa heso, mmuleleng difuba tsa lona. Modimo ke setshabelo sa rona.


Tsatsing leo Morena o tla otlolla letsoho la hae kgetlo la bobedi, ho lopolla masalla a setjhaba sa hae a Asiria le a Egepeta, a Patarose le a Kushe, a Elame le a Shinare, a Hamate le a ahileng dihlekehlekeng.


Tjhaba di tla kgoroha sa metsi a le mangata, empa ha Modimo a di kgalema di a baleha, di fefolwa ke moya sa mmoko hodima dithaba, jwalokaha mahlokwa a fefolwa ke sefefo.


Kgaotsa ho tshepa motho, motho ya phefumolohang feela. Hona motho e ne e le eng?


Matshwele a dira tsa hao a tla fetoha lerole, mphi tse sehloho di fefolwe sa mmoko, hanghang hona ho tla etsahala ka ho panya ha ntshi!


Modimo o dutse teroneng kahodima lefatshe, baahi ba lona ba tshwana le mehlwanyane. Mahodimo o a sarolotse jwalokaha eka ke lesira, a a ala sa tente eo ho phelwang ho yona.


Ba dihlekehlekeng ba ile ba bona, mme ba kenwa ke tshabo, ba pheletsong tsa lefatshe bona ba thothomela, yaba ba a tla, ba atamelana,


O tla ba putsa ho ya ka diketso tsa bona, a halefele dira tsa hae a be a di otle, ba dihlekehlekeng a ba nee moputso wa bona.


“Ke tla etsa pontsho hara bona, ba phonyohileng ke ba romele ditjhabeng tsa Tarshishe, le Pule, le Lode, e leng tsona tse tummeng ka ho fula ka metsu. Ke tla ba romela Tubale le Jafane, le dihlekehlekeng tse hole, tse eso utlwe botumo ba ka, tse eso bone le yona tlotla ya ka; ba tla phatlalatsa tlotla ya ka hara ditjhaba.


Empa Morena ke Modimo wa nnete, ke Modimo ya phelang, Kgosi ya kamehla yohle. Ha a halefile fatshe lohle le a reketla, tjhaba di sitwa ho mamella kgalefo ya hae.


Hamorao e tla futuhela ditjhaba tse ahileng mabopong a lewatle, mme e hape tse ngata. Empa molaodi e mong osele o tla e hlola, a fedise boikgohomoso ba yona. Ruri boikgohomoso ba kgosi ya Siria bo tla fetohela monga bona.


O tla lelekwa hara batho, o yo phela le dibatana tsa naha. O tla ja jwang le dikgomo. Dilemo tse supileng di tla feta ho fihlela o tseba hore Ya Hodimodimo ke yena ya laolang mmuso wa batho, mme o o nea ofe le ofe eo a mo ratang.”


Baahi bohle ba lefatshe hase letho; o etsa thato ya hae ka mabotho a lehodimo, le ho baahi ba lefatshe o etsa jwalo. Ha ho ya ka thibelang tsoho la hae, kapa a re ho yena: ‘O etsang jwale?’


Ho bona Morena o tla tshabeha, a fedise medingwana yohle ya lefatshe. Tjhaba tsohle tse mabopong di tla mo kgumamela, motho ka mong a mo kgumamele a le ha habo.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ