Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Isaia 38:16 - BIBELE

16 “Morena, batho ba phela hara tse jwalo, moya wa ka le wona o matlafatswa ke tsona; aku mpuseletse bophelo, ke tle ke phele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Morena, motho o phela ka mehauhelo ya hao; bophelo ba moya wa ka bo dutse ho yona kaofela; o a mphodisa, mme o a mphedisa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Isaia 38:16
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ke rapaletse leroleng; ako nnee bophelo ho ya ka lentswe la hao.


Ke hantle ha ke ile ka kokobetswa, ke tle ke ithute thato ya hao.


Morena, ke a tseba hore dikahlolo tsa hao di lokile; mme leha o nkokobeditse, wena o a tshepahala.


Morena Modimo wa ka, ka ipiletsa, ka ipiletsa ho wena, mme wa mphodisa.


Morena, ako utlwe thapelo ya ka, o sekehele thapedi ya ka tsebe, o se hane ho mamela sello sa ka. Ke mojaki naheng ya hao, ke mofeti jwaloka bo-ntate.


Le hoja o nkutlwisitse matshwenyeho, matshwenyeho a mangata, a bohloko, o tla boela o mmatlafatse, o boele o nnyolle botebong ba lefatshe;


O thusa ba etsang ho loka, ba ho etsang ba thabile, bona ba hopolang ditsela tsa hao. Leha o no halefile re nnile ra etsa dibe; ebe jwale re ka pholoswa jwang?


A mo araba, a re: “Ho ngotswe, ho thwe: “ ‘Motho a ke ke a phela ka bohobe feela, empa o tla phela le ka polelo e nngwe le e nngwe e tswang molomong wa Modimo.’ ”


Empa re a tsuwa, mme re otlwa ke Morena, e le hore re tle re se ke ra ahlolwa mmoho le lefatshe.


Matshwenyeho a rona a bobebe, ke a motsotswana, a re tlisetsa tlotla e kgolohadi, e sa feleng.


O ile a le kokobetsa, a le bolaisa tlala, a le fepa ka manna ao lona le bo-ntata lona le neng le sa a tsebe, hore le tle le tsebe hore motho ha a phele ka bohobe feela, empa o phela le ka polelo e nngwe le e nngwe e tswang molomong wa Morena.


Hapehape re bile le bo-ntata rona ba lefatshe, ba ileng ba re kgalemela, mme ra ba hlompha; na jwale ha re lokele ho ikokobeletsa Ntata rona wa moya ka ho fetisisa, re tle re phele?


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ