Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Isaia 38:14 - BIBELE

14 Ka lla sa lefokotsane kapa sa moholodi, ka kuruetsa sa leebana-kgorwana. Mahlo a ka a kgathetse ke ho lelalela hodimo, Morena, ke ditlallong, tloo, o tlo nthusa.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Ka ba ka lla jwaloka moholodi le lefokotsane, ka bohola jwaloka leebakgorwana; mahlo a ka a kgathala ke ho lelala hodimo! Jehova, ke matswalong, o mpoloke!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Isaia 38:14
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

“Nkgolwe, Modimo, ke bua nnete, ha ho na e mong ya ka mpakelang;


Ke se ke fetohile ngwanabo phokojwe, ke molekane wa madinyane a mpshe.


Mahlo a ka a motela ke ho lebella tshepiso ya hao, ke re: “Ekaba o tla ntshedisa neneng?”


Morena, ako nkarabe kapele; moya wa ka o a tepella. O se ke wa mpatela sefahleho sa hao, ke se ke ka tshwana le ba theohelang lebitleng.


Oho, Modimo, ako sekehe tsebe, o sekehele thapelo ya ka tsebe, o se ke wa furalla thapedi ya ka.


Ke qahilwe tebetebeng ya seretse, ha ho moo nka hatang teng, ka hata ka tsitsa. Ke fihlile kweetseng, maqhubu a nkwahetse.


Bohle re puruma jwaloka dibere, re lla habohloko jwaloka maeba. Re batla toka, empa ha re e fumane, re batla topollo, empa e holehole le rona.


Re tonne mahlo ra ba ra kgathala, ra lebella thuso, ra se ke ra e bona! Re lebeletse re le hodima ditora, ra lebella tjhaba se sitwa ho re pholosa!


Bohle ba tla phonyoha ba tla balehela dithabeng, ba kuruetse sa maeba a dikgohlo, motho ka mong a llele dibe tsa hae.


Ninife e a hlobodiswa, e a thopuwa, makgabunyane a Ninife a a lla, a lla sa maebanakgorwana, a lla a ntsa ikotla difuba kgafetsa.


Ninife e ka letamo le phatlohile. Mokgosi ke oo: “Sekwele! Sekwele!” Empa ha ho le ya mong ya kgutlang.


Ka baka leo, Jesu e bile motiisi wa selekane se molemo ka ho fetisa.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ