Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Isaia 38:12 - BIBELE

12 Leaho la ka le qhaqholotswe, le tlositswe ho nna, le qhaqholotswe jwaloka motebo wa modisana. Tshiu tsa ka di kgaotswe sa selohi se kgaola dikgwele, kgwele tse lohang lesela, tsa ba tsa kgaolwa jwalokaha tshwele e kgaolwa. Ka dinako tsohle ke ne ke re o tla ntimetsa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Motlotlwane wa ka o nkilwe, o tlositswe ho nna jwalokaha ho tloswa sebeso sa modisa; bophelo ba ka ke bo phuthile, jwaloka molohi ha a phutha lesela la hae. O ne o ya poma bophelo ba ka; ho tloha hosasa ho isa mantsiboya, o ne o tla be o nqetile.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Isaia 38:12
20 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

o fupuha jwaloka palesa a be a pone, o baleha jwaloka seriti, ebe o nyametse.


“Moya wa ka o tetebetse, matsatsi a ka a kgutsufetse, bitla le lona le nkemetse.


Le ba tjhabela ba phela, le dikele ba fedile, ba timelle ruri, ba sa natswe ke motho.


Modimo a kgahlwa ke ho mphetshela, a nkisa letsoho, a ntimetsa.


ka baka la bohale le kgalefo ya hao; hobane o ile wa mphamola, wa nto ntabanya!


Leha mahosana a kopane, a kopanetse ho nthera, nna, mohlanka wa hao, ke nahana thato ya hao.


Ho bokwe Morena ya mpontshitseng mohau, ya mpontshitseng mohau o hlollang, ha ke ne ke dikilwe, ke futuhetswe.


ha e le moo ke otlwa ka matsatsi wohle, ke otlwa hoseng ho hong le ho hong?


O fedisa batho hanghang, e be e ke ke toro, ba ka jwang bo melang hoseng.


Moradi wa Sione o silwe jwaloka lephephe tshimong ya morara, jwaloka motlotlwane tshimong ya mahapu, le jwaloka motse o etseditsweng thibella.


O ke ke wa hlola o eba le baahi, o tla ba hloka ka meloko le meloko, ha ho Moarabia ya tla hloma tente ya hae moo, le badisa ba ke ke ba etsa metebo ya bona moo.


Re tseba hore, mohla lephephe leo re phelang ho lona mona lefatseng le qhaqhollwang, lehodimong re na le lehae leo re le lokiseditsweng ke Modimo, ntlo e sa hahwang ke batho.


Ruri, rona ba ahileng lephepheng lena, re fehelwa ke ho imelwa, hobane ha re batle ho lahlehelwa ke lehae lena, empa re lakatsa ho fumana le leng la bobedi, hodima lona; e le hore se shwang se metswe ke bophelo.


O tla di phuthaphutha jwaloka kobo, mme di tla fetoha jwaloka seaparo. Empa wena haesale e le wena, dilemo tsa hao di ke ke tsa fela.”


Ha le tsebe hore na la hosasane le tla le tlela le eng, kapa bophelo ba lona bo tla ba jwang, hobane le tshwana feela le mohodi, o bonahalang nakwana, o nto nyamela.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ