Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Isaia 37:6 - BIBELE

6 yena a re ho bona: “Bolellang monga lona, le re: ‘Morena o bua tjena: O se ke wa tshoswa ke mantswe ao o a utlwileng, ao balaodi ba mabotho a kgosi ya Asiria ba nnyefotseng ka wona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Esaia a re ho bona: Le bolelle monga lona, le re: Ho itswe ke Jehova: O se ke wa tshoha mantswe ao o a utlwileng, ao bahlanka ba morena wa Assiria ba nnyefotseng ka wona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Isaia 37:6
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba Moshe o re ho setjhaba: “Se tshabeng; emang le tiile, le tle le bone pholoho eo Morena a tla le etsetsa yona kajeno, hobane jwalokaha le bona Baegepeta kajeno, ha le sa tla hlola le ba bona le ka mohla, ho isa kgale.


ho ba pelo di tshohileng le re: “Matlafalang, le se ke la tshaba, bonang, Modimo wa lona o tla ho le phetetsa, Modimo ke yena ya tla otla dira tsa lona, Modimo o tla tla, a le pholose.”


Ha bahlanka ba kgosi Hesekiya ba fihla ho Esaya,


“Lona ba tsebang se lokileng, mamelang! Lona tjhaba se tsebang molao wa ka, tjhaba seo molao wa ka o leng ka pelong tsa sona: Le se ke la tshaba ha batho ba le nyefola, kapa la tshoswa ke mahlapa a bona.


Le re ho yena: ‘Itlhokomele, o be sebete, o se ke wa tshaba, o se ke wa nyahamiswa pelo ke dikoqonyana tseno tse pedi tse kubellang, e leng kgalefo ya Resine le ya Baarame, le ya mora wa Remaleya.


Ba bahlano ba lona ba tla lelekisa ba lekgolo, ba lekgolo ba lona ba lelekise ba kete di leshome, mme le bolaye dira tsa lona ka sabole.


A re ho bona: “Le boi keng? Na ha le eso be le tumelo?”


Empa Jesu ha a utlwa se bolelwang, a re ho mookamedi wa ntlo ya thapelo: “Se tshabe; dumela feela.”


Morena a re ho Joshua: “O se ke wa ba tshaba, hobane hosasane, ka yona nako ena, ke tla neelana ka bona ho Baiseraele e se e le ditopo. O tla kgaola mesifa ya dipere tsa bona, dikariki tsa bona tsa ntwa tsona o di tjhese ka mollo.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ