Isaia 37:4 - BIBELE4 Mohlomong Morena Modimo wa hao, o tla utlwa mantswe a molaodi wa ntwa, eo monga hae, kgosi ya Asiria, a mo rommeng ho nyedisa Modimo ya phelang. Morena Modimo wa hao, o tla mo kgalemella dipolelo tseo a di utlwileng. Ka baka leo, rapella ba ntseng ba phela.’ ” အခန်းကိုကြည့်ပါ။Sesotho 1909/1961 (SO)4 Ekaba mohlomong, Jehova, Modimo wa hao, o tla utlwa mantswe a Rabshake, eo monga hae, morena wa Assiria, a mo rometseng ho nyedisa Modimo o utlwang, mme Jehova, Modimo wa hao, o tla kgalemela mantswe ao a a utlwileng. Ka baka leo, o ke o beele masala a setseng thapelo. အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
“Tsamayang, le yo mpotsetsa Morena, le botsetse le masalla a Iseraele, le a setjhaba sa Juda, mabapi le mantswe a tswang bukeng ena e fumanweng. Kgalefo eo Morena a re halefetseng ka yona e a tlokoma, hobane bo-ntata rona ha ba a ka ba mamela mantswe a Morena ka ho se phethe tsohle tse ngotsweng bukeng ena.”
Ka baka leo he, nnee naha ena e maralla eo Morena a neng a bue ka yona mohla letsatsi leo. Etswe wena o ne o ikutlwele ka lona letsatsi leo, hore Baanake ba phela moo, mme metse ya bona ke ya metonana, ya diqhobosheane. Mohlomong Morena o tla ba le nna ha ke le moo, mme ke ba leleke teng, jwalokaha Morena a buile.”