Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Isaia 37:38 - BIBELE

38 Ka tsatsi le leng, ha a ntse a rapela, a le ka tempeleng ya Niseroke, modimo wa hae, bo-Adarameleke le Saresere, bara ba hae, ba mmolaya ka sabole. Ba balehela naheng ya Ararate, mme Asare-Hadone, mora wa hae, a mo hlahlama.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

38 Mme yare ha a se a kgumamile tempeleng ya Nisroke, modimo wa hae, Adrammeleke le Sharetsere, bara ba hae, ba mmolaya ka lerumo, ba ntoo balehela naheng ya Ararate. Yaba Esare-Haddone, mora wa hae, e ba morena tulong tsa hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Isaia 37:38
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ka kgwedi ya bosupa, ka letsatsi la leshome le metso e supileng la kgwedi, areka ya dula hodima dithaba tsa Ararate.


Ke modimo ofe, hara medimo yohle ya ditjhaba tseo, tseo bo-ntate ba ileng ba di timetsa, o kileng wa tseba ho pholosa setjhaba sa wona matsohong a ka? Jwale lona, Modimo wa lona a ka le pholosa jwang matsohong a ka?


Ba nyefola Modimo wa Jerusalema, jwalokaha eka ba nyefola medimo ya ditjhaba tsa dinaha tse ding, e leng e entsweng ka matsoho a batho.


Morena a romela lengeloi, le ileng la ya diahelong tsa kgosi ya Asiria, la bolaya bahale bohle, le baetapele, le balaodi. Saneheribe a kgutlela naheng ya hae ka dihlong. Yare ha a kena ka tempeleng ya modimo wa hae, bara ba tswetsweng ke yena ba fihla ba mmolaya ka sabole.


yaba di tla ho bo-Serubabele le ho dihlooho tsa malapa, di re ho bona: “Ereng re le thuse ho haha, hobane le rona re sebeletsa Modimo wa lona jwaloka lona. Haesale re mo etsetsa mahlabelo ho tloha mohla Asare-Hadone, kgosi ya Asure, a neng a re tlisa mona.”


“O theohile hakaakang lehodimong, wena Mphatlalatsane, naledi ya meso! O dihetswe lefatsheng, wena ya kileng a kokobetsa ditjhaba!”


“Nqalo ya Bafu e etsa mokutu ho o kgahlanyetsa, e tsosa bafu ho o dumedisa, bohle bao e neng e le babusi lefatsheng; bohle bao e neng e le dikgosi tsa ditjhaba, e ba emisa diteroneng tsa bona.


Le se ke la dumela ha Hesekiya a re le tshepe Morena, a re: ‘Morena o tla fela a re namolele, le motse ona o ke ke wa newa kgosi ya Asiria.’


“ ‘Le se ke la kgeloswa ke Hesekiya ha a re: “Morena o tla re namolela.” Hara medimo ya ditjhaba tsee, na o teng o kileng wa lopolla naha ya wona matsohong a kgosi ya Asiria?


“Le bolelle Hesekiya, kgosi ya Juda, le re: ‘O se ke wa thetswa ke modimo wa hao, oo o o tshepileng, ha o re Jerusalema e ke ke ya hapuwa ke kgosi ya Asiria.’


Kgosi eo e tla utlwa taba tsa bo-fuufu, e ferekane, ebe e kgutlela naheng ya yona, moo e tla bolaelwa teng ka sabole.’ ”


“Phahamisang mokgele le hara naha! Letsang lenaka hara ditjhaba! Hlophisang ditjhaba di futuhele Babilona, le meme mebuso ena e e futuhele: Ararate le Mini le Ashekenase. Kgethang molaodi ya tla e futuhela, le romele dipere tse kang boiyane ba ditsie.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ