Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Isaia 37:30 - BIBELE

30 “Sena e tla ba pontsho ho wena: “Monongwaha le tla ja matshwabodi, isao le je tse tswalwang ke dirite; ka sa boraro le tla jala le kotule, le hlome morara, le je tholwana tsa wona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

30 Mme taba ena e tla ba pontsho ho wena, Esekiase: Ho tla jewa matshwabodi monongwaha, isao ho jewe dirite; ka sa boraro le tla jala, le kotule, le hlome merara, le je ditholwana tsa yona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Isaia 37:30
12 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

“ ‘Sena e tla ba pontsho ho wena: Monongwaha le tla ja matshwabodi, isao le je tse tswalwang ke dirite; ka sa boraro le tla jala le kotule, le hlome morara, le je tholwana tsa ona.


Esaya a re: “Pontsho ya hore Morena o tla phethisa seo a se buileng ke ena: Na o rata ha moriti o ka tjhetjhella pele ka mehato e leshome, kapa o ka tjhetjhella morao ka mehato e leshome?”


Modimo a re ho yena: “Ke tla ba le wena, mme sena ke sesupo sa hore ke o romile: ha o se o ntshitse setjhaba seo naheng ya Egepeta, o tla sebeletsa Modimo thabeng ena.”


“ ‘Pontsho ya hore Morena o tla phethisa seo a se buileng ke ena:


Ba tla haha matlo, mme ba phele ho wona; ba tla lema morara, ba je tholwana tsa wona.


“Kopa Morena Modimo wa hao, hore a o etsetse sesupo se tswang tlasetlase, kapa hodimodimo.”


Ka baka lena, Morena ke yena ya tla le etsetsa sesupo. Bonang, morwetsana o tla emola, a tswale mora, mme o tla mo rea lebitso la Emanuele.


Selemo sa mashome a mahlano e tla ba sa mokete wa lona wa tokoloho. Le se ke la lema letho; le se ke la kotula le matshwabodi, kapa la kga morara o sa kang wa faolwa.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ