Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Isaia 36:8 - BIBELE

8 “ ‘Ka baka leo, ke o tswela kgomo: Etsa ditumellano le monga ka, kgosi ya Asiria, mme ke tla o nea dipere tse dikete tse pedi, haeba o na le ba ka di palamang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Jwale, o ke o etse tumellano le monga ka, morena wa Assiria, ke o nee dipere tse dikete tse pedi, ha ekaba o ka ntsha bakalli ba ka di kallang!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Isaia 36:8
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Bene-Hadade a boela a romela molaetsa ho yena, a re: “Ke tla futuhela Samaria ka boiyane ba bahlabani, hoo ha e mong le e mong wa bona a ka ngwatha lefupu la mobu wa teng, o ke ke wa ba lekana. Haeba ke sa etse jwalo, medimo e nketse tjena le tjena, esita le ho fetisa moo.”


Yaba o re: “Ebang ba tla ka kgotso, kapa ba tla ka ntwa, le ba thope.”


A hahara kgauta yohle, le silefera, le thepa e neng e le ka Tempeleng ya Morena, le e neng e le ka letloleng la ntlo ya kgosi; a thopa batho, yaba o kgutlela Samaria.


Ka selemo sa leshome le metso e mene sa puso ya kgosi Hesekiya, Saneheribe, kgosi ya Asiria, a futuhela metse yohle ya Juda, e neng a haheleditswe, mme a e hapa.


“ ‘Ka baka leo, ke o tswela kgomo: Etsa ditumellano le monga ka, kgosi ya Asiria, mme ke tla o nea dipere tse dikete tse pedi, haeba o na le ba ka di palamang.


Jwale kgosi ya Asiria ya romela molaodi wa yona e moholo wa ntwa, le lebotho le leholo le tlohang Lakishe, ho ya futuhela kgosi Hesekiya a le Jerusalema. Eitse ha molaodi wa ntwa a fihla a emisa moseleng wa letshana le kahodimo, pele mmila o yang setsheng sa Mohlatswi wa Masela,


Empa haeba o re ho nna: “Re tshepile Morena Modimo wa rona,” na hase yena eo Hesekiya a heleditseng dibaka tsa hae tsa borapedi, le dialetare tsa hae, a ba a re ho baahi ba Juda le ba Jerusalema: “Le tla rapella kapele ho aletare ee?”


Haeba o tshepile hore Egepeta e tla o nea dikariki tsa ntwa le bapalami, ebe o ka tseba ho phekgola molaodi leha a le mong feela wa bahlanka ba eisehang ba monga ka?


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ