Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Isaia 36:12 - BIBELE

12 Empa molaodi wa ntwa a re ho bona: “Na monga ka o nthomme ho monga lona, le ho lona feela, ho tla bua mantswe aa? Tjhe, o nthomme le ho banna bano ba dutseng hodima lerako, ba tla ja masepa a bona, ba nwe le moroto wa bona, jwalokaha le lona le tla etsa jwalo.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Rabshake a re: Ana o re, monga ka o nthometse ho monga hao le ho wena feela, ho bua taba tsena na? Na hase le ho banna ba dutseng hodima lerako, hore ba tsebe hore ba tla be ba je masepa a bona, ba nwe moroto wa bona hammoho le lona na?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Isaia 36:12
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Empa molaodi wa ntwa a re ho bona: “Na monga ka o nthomme ho monga lona, le ho lona feela, ho tla bua mantswe aa? Tjhe, o nthomme le ho banna bano ba dutseng hodima lerako, ba tla ja masepa a bona, ba nwe le moroto wa bona, jwalokaha le lona le tla etsa jwalo.”


Jwale bo-Eleakime le Shebena le Jowa ba re ho molaodi wa ntwa: “Re a o kopa: Ako bue Searame le bahlanka ba hao, hobane re a se tseba. O se ke wa bua Seheberu moo batho bana ba lerakong ba ntseng ba utlwa.”


Yaba molaodi wa ntwa o a ema, o howeletsa haholo ka puo ya Seheberu, o re: “Mamelang polelo ya kgosi e kgolo, kgosi ya Asiria!


Ba ja tse ka tsohong le letona, empa ha ba ke be ba kgore, ba je tse ka ho le letshehadi, le teng ba se ke be ba kgotsofale, motho ka mong a je nama ya tsoho la hae.


Ke tla etsa hore ba je nama ya bara le baradi ba bona, motho ka mong a je nama ya setopo sa motswalle wa hae nakong ena ya tsietsi, eo ka yona dira tsa bona, tse batlang ho ba bolaya, di tla be di ba etseditse thibella.’


O tla ja diphaphatha tsa harese, o di apehe ka kgapane ya masepa a motho, moo ba ntseng ba o bona.”


A boela a re ho nna: “Bona mona, wena ngwana motho, ke tla fokotsa dijo Jerusalema. Batho ba tla ja ka tekanyo le ka tlhokomelo; le metsi ba a nwe ka tekanyo, ba tsielehile.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ