Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Isaia 36:1 - BIBELE

1 Ka selemo sa leshome le metso e mene sa puso ya kgosi Hesekiya, Saneheribe, kgosi ya Asiria, a futuhela metse yohle ya Juda e neng e haheleditswe, mme a e hapa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Ka selemo sa leshome le metso e mene sa ho busa ha morena Esekiase, Sankeribe, morena wa Assiria, a futuhela metse yohle ya Juda e marako, mme a e kena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Isaia 36:1
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ka selemo sa leshome le metso e mene sa puso ya kgosi Hesekiya, Saneheribe, kgosi ya Asiria, a futuhela metse yohle ya Juda, e neng a haheleditswe, mme a e hapa.


Jwale kgosi ya Asiria ya romela lebotho le leholo, le tlohang Lakishe, ho ya futuhela kgosi Hesekiya, a le Jerusalema. Lebotho leo le ne le tswile le mookamedi wa balaodi, le molaodi wa mabotho, le molaodi wa ntwa. Ba nyolohela Jerusalema, ba fihla ba emisa moseleng wa letshana le kahodimo, pela mmila o yang setsheng sa Mohlatswi wa Masela.


A hapa metse ya Juda e haheleditsweng, mme a ya Jerusalema.


Kamora tsohle tseo Hesekiya a ileng a di etsa ka botshepehi, Saneheribe, kgosi ya Asiria, a fihla, a futuhela naha ya Juda. A etsetsa metse e haheleditsweng ya Juda thibella, a hopotse ho ikgapela yona.


“Wena le setjhaba sa hao, le ba ntlo ya ntatao, Morena o tla le tlisetsa nako e esong ho be teng ho tloha mohla ba morabe wa Efraime ba ikarolang ho ba morabe wa Juda. O tla tlisa kgosi ya Asiria.”


Mohla tsatsi leo, Morena o tla beola ka lehare le adimilweng kamose wane ho Noka, e leng kgosi ya Asiria. O tla beola dihlooho tsa lona, le mohwete o meomong ya lona, a le beole le ditedu.


Qeba la Samaria le a petla, ha le na pheko, le petlile la ya tshwaetsa le Juda, la ya fihla le kgorong ya tjhaba sa ka, la ba la ya fihla le Jerusalema.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ