Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Isaia 35:7 - BIBELE

7 Hlabathe le tjhesang le tla fetoha letsha, diba di kopotse mobung o ommeng. Moo e ne le dilao tsa diphokojwe ho tla mela jwang, le lehlaka, le lodi.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Mahwatata a mahlabathe a tla fetoha matsha a metsi, naha e omeletseng e be le didiba tsa metsi, setsha sa diphokojwe, moo mesima ya tsona e neng e le teng, e tla ba setsha sa moseme le lodi.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Isaia 35:7
24 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Lehwatata a le fetola letsha la metsi, naha e tshehla a e fetola didiba.


Mafiritshwane a tla ngaya ka qhobosheaneng tsa hao, phokojwe di ngaye ka matlung a hao a bokgosi. Nako ya timelo ya Babilona e atametse, matsatsi a yona a ke ke a lelefatswa.


melapo ya yona e nkge, e re phu! melatswana ya yona le yona e pshe, e omelle. Hlaka la yona le lodi di tla pona,


Haufinyane, Lebanone e tla fetoha masimo a kgwiti, kgwiti eo e fetohe moru o teteaneng.


Hodima thaba ka nngwe e phahameng, le hodima leralla ka leng, ho tla ba le melatswana ya metsi a phallang, mohla batho ba bolawang ba etswa mofela, le ditora di helehang.


Matlo a bokgosi a tla mela meutlwa, qhobosheane di melelle bobatsi le hlabahlabane. naha eo e tla fetoha hae la diphokojwe, e be moo dimpshe di phelang teng.


Ke tla phunya mehlodi ya dinoka, ke e phunye tutudung tsa lehlabathe, kahara dikgohlo didiba di phorosele. Lehwatata ke tla le fetola le tlale matsha, naha e omeletseng e runyarunye didiba.


Phoofolo tse hlaha di a ntlhompha, diphokojwe le dimpshe di a nthorisa, hobane didiba ke di tjheka lehwatateng, dinoka di phalle naheng e omeletseng, ho nyorolla tjhaba sa ka, bakgethwa ba ka.


Ha ba a ka ba nyorwa ha a ba tsamaisa hara lehwatata; o ila etsa hore metsi a phalle a etswa lefikeng; a otla lefika, metsi a phorosela.


Ha ba ka ke ba lapa kapa ba nyorwa, kapa ba tjheswa ke motjheso wa tsatsi la lehwatata. Ya ba utlwelang bohloko o tla ba tataisa, a ba ise pela didiba tse kollang.


Yaba o re ho nna: “Metsi ana a phallela botjhabela, a theohele kgohlong ya Jorodane, a yo kena Lewatleng la Letswai. Hoba a kene lewatle, a hlapolla letswai, ebe metsi a lewatle a a hlweka.


“Ka baka leo, ke a le bolella, ke re, le tla amohuwa Mmuso wa Modimo, mme o tla newa setjhaba se behang ditholwana tsa wona.


Batho ba tla tswa botjhabela le bophirimela le leboya le borwa, ba be dijong Mmusong wa Modimo.


athe mang le mang ya nwang metsi ao ke tla mo fa wona, a ke ke a hlola a nyorwa le ka mohla, empa metsi ao ke tla mo fa wona a tla fetoha ka ho yena sediba sa metsi a kopoletsang bophelong bo sa feleng.”


Ya dumelang ho nna, jwalokaha Mangolo a boletse, dinoka tsa metsi a kollang di tla phalla di etswa ka ho yena.”


O tla ba tutubolla, ba tswe lefifing ba ye leseding; ba tswe matleng a Satane, ba ineele ho Modimo, mme ka ho dumela ho nna ba tle ba fumane tshwarelo ya dibe tsa bona, ba be le kabelo hara ba halaleditsweng!”


La howa ka lentswe le matla, la re: “E wele! E wele! Babilona e kgolo! E fetohile leaho la bademona, setshabelo sa meya yohle e ditshila, le sa dinonyana tsohle tse ditshila, tse hloyehang.


Ha fela ha eba jwalo, hobane eitse ha Gideone a tsoha e sa le hoseng, mme a tlhotla boya, ha tswa phoka e tlalang lefiswana.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ