Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Isaia 35:5 - BIBELE

5 Mahlo a difofu a tla tutubollwa, ditsebe tsa bo-tutu di thibollwe;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Ke moo mahlo a difofu a tla tutuboloha, ditsebe tsa ba thibaneng ditsebe di bulehe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Isaia 35:5
31 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Modimo o nyenyeletsa tsebeng tsa batho, a ba tshose ka keletso tsa hae,


Morena o tutubolla mahlo a difofu. Morena o phahamisa ba kgokgopaneng; Morena o rata ba lokileng.


Morena a re ho yena: “Ke mang ya entseng molomo wa motho? Ke mang ya mo etsang hore e be semumu, kapa tsebetutu, kapa a bone, kapa e be sefofu? Na hase nna Morena?


Tsebe e mamelang le leihlo le bonang, bobedi ba tsona di entswe ke Morena.


Ka tsatsi leo, bo-tutu ba tla utlwa polelo tsa buka, leha difofu di le lefifing, di le botshong, mahlo a tsona a tla bona.


Ke tla tsamaisa difofu ka tsela eo di sa e tsebeng, ke di tataise tseleng eo di sa e tlwaelang; lefifi ke tla le fetola lesedi kapele ho tsona, ke batalatse baka tse makukuno. Tsena ke ntho tseo ke tla di etsa, mme ha nka ke ka tlohela ho di etsa.


“Mamelang, lona bo-tsebetutu! Tadimang le bone, lona difofu!


Tlisang ba foufetseng empa ba ena le mahlo, bao e leng ditholo empa ba ena le ditsebe.


Ha wa ka di utlwa le ho di utlwisisa; tsebe tsa hao haesale di thibane ho tloha kgale. Ke tseba hantle kamoo o leng maqiti kateng, o bitsitswe lehlabaphiyo ho tloha mohla o tswalwang.


Morena Modimo o nneile leleme la barutehi, ke tle ke tsebe ho kgothatsa ba tepeletseng. Hoseng ho hong le ho hong o a ntsosa, a etse hore ke hlwaye tsebe, ke mamele jwaloka morutuwa.


Morena Modimo o nthibolotse ditsebe, ha ke a ka ka hanyetsa, kapa ka tjhetjha ka santhao.


“Nka buisana le mang ka mo eletsa? Ke mang ya tla ke a mmamele? Tsebe tsa bona ke tsa leshoma, kahoo ha ba ka ke ba utlwa. Ntswe la Morena ba a le nyedisa, thabo ha ba e fumane ho lona.


Yaba ho tliswa ho Jesu monna ya nang le modemona, e le sefofu se semumu. A mo fodisa, mme sefofu se semumu sa bua, sa bona.


Jwale difofu le diritsa tsa tla ho yena ka Tempeleng, mme a di fodisa.


“Moya wa Morena o hodima ka hobane a ntlotseditse ho bolella mafutsana molaetsa o molemo, o nthometse ho phatlalletsa bathopuwa tsa tokoloho, le difofu hore di tla tutuboloha, le ho lokolla ba hateletsweng,


Ba bang ba bona ba re: “Na eo ya tutubolotseng mahlo a sefofu, a ka be a sa etsa hore le motho eo a se ka a shwa?”


Yaba Jesu o re: “Ke tletse kahlolo lefatsheng lena, hore ba sa boneng ba bone, mme ba bonang ba foufale.”


O tla ba tutubolla, ba tswe lefifing ba ye leseding; ba tswe matleng a Satane, ba ineele ho Modimo, mme ka ho dumela ho nna ba tle ba fumane tshwarelo ya dibe tsa bona, ba be le kabelo hara ba halaleditsweng!”


Tsohle tse bonahatswang ke lesedi di fetoha lesedi. Ke ka baka leo ho thweng: “Tsoha, wena morabadi, tsoha bafung, mme Kreste o tla o bonesetsa.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ