Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Isaia 34:16 - BIBELE

16 Fuputsa bukeng ya Morena, o bale: Ha ho le e nngwe ya tsona e tla ba siyo, ha ho le e nngwe ya tsona e tla hloka molekane. Ke molomo wa Morena o entseng taelo, ke Moya wa hae o tla di bokella.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Batlang bukeng ya Jehova, le bale! Ha ho le e nngwe ya phoofolo tseo e tla hlokahala, ha ho e nngwe e tla ba siyo, hobane molomo wa ka o boletse; ke moya wa hae o tla di bokella.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Isaia 34:16
22 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

“Ke tla tlisa morallo wa metsi ho kwahela lefatshe, ho timetsa tsohle tse phelang, tse tlasa lehodimo. Tsohle tse lefatsheng di tla timela.


Mahodimo a entswe ka lentswe la Morena, le mabotho wohle a wona ka polelo ya molomo wa hae.


O ne a bue, mme tsa eba teng; a laela, mme tsa hlaha.


Pelo ya hao e thahaselle ho ithuta, tsebe tsa hao di mamele puo tse nang le tsebo.


haeba le ikganela, le bile le mphetohela, le tla bolawa ka sabole,” ho rialo Morena.


Bokolla wena monyako! Meketsa wena motse! Lona bohle ba Filesitiya thothomelang! Mosi o kang leru o foqoha o etswa leboya, hara mabotho a hae ha ho ya tla salla.


Masalla a bo-rametsu, e leng bahale ba Kedare, a tla ba mmalwana.” Morena Modimo wa Iseraele, o boletse jwalo.


Eya, o ba ngolle tsena hodima letlapa ba ntse ba bona, o ba ngolle tsona bukeng, e le hore ka matsatsi a tlang e tle be bopaki, e tle be bopaki ba kamehla yohle.


Lelalang, le tadime mahodimo: Tseo le di bonang di bopilwe ke mang? Ke ya balang naledi tsa lehodimo a di bale ka bomong, lebotho ka leng a le bitse ka lebitso la lona? Ka baka la matla a hae a maholo, le ka baka la bonatla ba hae, ha ho le le leng le lahlehang.


Tlotla ya Morena e tla bonahatswa, batho bohle ba tla e boha ba le mmoho, hoba Morena o boletse jwalo.”


ke hona o tla thabela Morena, a etse hore lefatshe lohle le o hlomphe, o je lefa la ntataomoholo Jakobo.” Ke Morena ya buileng jwalo.


Ke tla o bontsha se ngotsweng Bukeng ya Nnete. Ha ho le ya mong ya emeng le nna ntweng ena, haese Mikaele, kgosana ya heno.


Ruri Morena Modimo ha a ke a etsa letho a eso senole morero wa hae, a o senolela bahlanka ba hae, bahlanka ba hae, baporofeta.


Lengeloi la araba, le re: “Morena o bua tjena ho Serubabele: ‘Hase ka dikgoka kapa ka matla o tlang ho atleha, empa ke ka Moya wa ka,’ ho rialo Morena wa mabotho.


Ba tshabang Morena ba nnile ba buisana, mme Morena a ba utlwa, a ba sekehela tsebe. Yaba bukeng e kapele ho yena ho ngolwa ba mo tshabang, ba hlomphang lebitso la hae.


Kannete ke a le bolella: ho fihlela lehodimo le lefatshe di fela, ha ho ka ke ha fetoha tlhakunyana e le nngwe leha e le letshwaonyana le le leng Molaong, ho fihlela tsohle di etsahala.


Lehodimo le lefatshe di tla fela, empa mantswe a ka ha a ka ke a fela.”


Bao lentswe la Modimo le tlileng ho bona, Molao o ba bitsa medimo, mme Mangolo ha a ka ke a etsollwa.


Le fuputsa Mangolong, hobane le hakanya hore ka wona le na le bophelo bo sa feleng, athe ke wona a mpakang,


Etlare ha bomadimabe bo tshabehang, le ditsietsi tse ngata di ba wetse hodimo, ebe sefela sena e ba paki e ba tswang, hobane ditloholo tsa bona di tla be di sa lebala ho se bina. Ke se ke ntse ke tseba mehopolo eo ba e hopolang kajeno, le pele ke ba fihlisa naheng eo ke neng ke e hlapanyetse bo-ntata bona.”


Kamehla o bue ka Molao ona, o o nahane motsheare le bosiu, e le hore o tle o hlokomele ho phetha tsohle tse ngotsweng ho wona, o tle o atlehe mesebetsing ya hao, mme o hlohonolofale ho tsohle tseo o di etsang.


Re bile re na le lentswe la baporofeta, le tshepahalang haholo, leo e ka bang hantle hore le le ele hloko, hobane le jwaloka lebone le kganyang lefifing, ho fihlela mesong ya Letsatsi lela, mohla Mphatlalatsane e tjhabelang dipelong tsa lona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ